Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 19:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Yaba monna o a ema, a re o a tsamaya, e le yena le serethe sa hae, le mohlanka wa hae; empa mohwehadi wa hae, ntata morwetsana, a re ho yena: Bona, letsatsi le se le ile; ho se ho tla phirima; robalang kwano le bosiu bona; bona, letsatsi le a dikela, robala kwano bosiu bona, mme pelo ya hao e ke e thabe. Hosasane, le tla tsohela leeto la lona e sa le ka meso, o ikele ha eno.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Ha monna eo a ema hore a tsamaye le mosadi wa hae wa lefielo, le mohlanka wa hae, mohwe wa hae, e leng ntata ngwanana, a re ho yena: “Ako bone, ho se ho phirima. Ke a o kopa: Hlola mona bosiu bona bohle. Bona letsatsi le se le ilo dikela. Robaletsa mona, o ithabise, hosasane o tle o tsohelle tseleng, o ye ha hao.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 19:9
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale, Absalome a laela bahlanka ba hae, a re: Le ke le bone pelo ya Amnone ha e thabile ke veine; etlere ha ke re ho lona: Bolayang Amnone, le ke le mmolaye; le se ke la tshaba; ha ke re, ke nna ke le laelang? Itiiseng, le etse ka senna.


O se ke wa ithorisa ka letsatsi la hosasane, hobane ha o tsebe se tla hlahiswa ke letsatsi leo.


Ba mo qophella, ba re: Hlola le rona, hobane e se e le mantsiboya, le letsatsi le se le rapame. A ba a kena, a dula le bona.


Empa monna a hana ho robala teng bosiu, a ba a ema, a tsamaya, mme a fihla pela Jebuse, e leng Jerusalema, a ena le diesele tse pedi tse belesitseng, le sona serethe sa hae se le ho yena.


Kahoo, ba dula, ba eja, ba enwa ba babedi hammoho, ntata morwetsana a ntoo re ho monna: Dumela ho dula kwano le bosiu bona, pelo ya hao e tle e thabe.


Hosasane, ka la bohlano, a tsohela ho tsamaya e sa le ka meso, empa ntata morwetsana a re: Ako natlafatse pelo ya hao, le hlole mona, tsatsi le be le rapame. Ba ja jwalo ba babedi.


Eitse hobane Boase a je, a nwe, pelo ya hae e thabile, a ya robala qetellong ya setha sa harese. Ruthe a tla a nanya, a apola maoto a Boase, mme a robala.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ