Baahlodi 19:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)6 Kahoo, ba dula, ba eja, ba enwa ba babedi hammoho, ntata morwetsana a ntoo re ho monna: Dumela ho dula kwano le bosiu bona, pelo ya hao e tle e thabe. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE6 Ba dula fatshe, bobedi ba bona ba eja, ba enwa. Ntata ngwanana a re ho monna eo: “Ke a o rapela: Kgotsofalla ho hlola mona bosiu bohle, o ithabise.” အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Yaba monna o a ema, a re o a tsamaya, e le yena le serethe sa hae, le mohlanka wa hae; empa mohwehadi wa hae, ntata morwetsana, a re ho yena: Bona, letsatsi le se le ile; ho se ho tla phirima; robalang kwano le bosiu bona; bona, letsatsi le a dikela, robala kwano bosiu bona, mme pelo ya hao e ke e thabe. Hosasane, le tla tsohela leeto la lona e sa le ka meso, o ikele ha eno.