Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 19:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Jwale, monna wa hae a tloha, a mo latela ho ya bua le pelo ya hae, a tle a mo kgutlise; a ya le mohlanka wa hae le diesele tse pedi. Mosadi eo a mo amohela tlung ya ntatae, mme ntata morwetsana ha a mmona, a thaba ha a teana le yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Monna wa hae a ema, a mo latela, a mo qekisa hore a kgutlele ho yena. Monna eo o ne a ile le mohlanka wa hae, le ditonki tse pedi. Mosadi a mo isa ka tlung ya ntatae, mme ntata mosadi eo a thaba ha a bona Molevi eo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 19:3
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Pelo ya hae ya kgomarela Dina, moradi wa Jakobo, a rata morwetsana, mme a buisa pelo ya morwetsana.


Se tshabeng, le tla fepjwa ke nna, lona le bana ba lona. Mme a ba tshedisa, a bua le dipelo tsa bona.


Ho itswe: Ekareha monna a hlala mosadi wa hae, mme mosadi eo a tloha ho yena, a ya nyalwa ke monna e mong, na monna eo a ka boelana le yena? Ha ke re, naha e ka silafala hohle ka ho jwalo? Haele wena, o nnile wa ineela bofebe le dinyatsi tsa hao tse ngata, mme o ne o tla boela ho nna na? ho bolela Jehova.


Ka baka leo, bonang, ke tla mo qeka, ke mo ise feelleng, ke bue tse kgodisang pelo ya hae.


Ka tsatsi leo, ho bolela Jehova, o tla mpitsa monna wa hao, ha o sa tla mpitsa Baale wa hao.


O se ke wa hloya wa heno pelong ya hao; o ka mo kgalemela, empa o se ke wa itjarisa sebe ka baka la hae.


Ekare ha motho a feba le mosadi wa e mong, ha a feba le mosadi wa wa habo, monna le mosadi ba febaneng ba tla bolawa.


Empa bohale ba Modimo ba tuka kahobane a ile; lengeloi la Jehova la tla ema tseleng, ho mo lwantsha. Balaame o ne a kaletse esele ya hae, mme bahlanka ba hae ba babedi ba ne ba ena le yena.


Josefa, monna wa hae, kahobane e le motho ya lokileng, mme a sa rate ho mo hobosa, a hopola ho mo lahla ka sephiring.


A re: Ha ho motho, Morena. Jesu a re ho yena: Le nna ha ke o tswe. Eya, mme o se ke wa boela wa etsa sebe.]


Banabeso, ekare ha motho a wela molatong o mong, lona bao le leng ba moya, le ke le mo tsose ka moya o mosa; mme o iponele, esere wa lekwa le wena.


Ha isaisa, nakong eo koro e helwang ka yona, Samsone a tjhakela mosadi wa hae, a nkile potsanyane, a re: A nke ke kene ho mosadi wa ka tlung. Empa ntatae ha a ka a mo dumella ho kena.


Serethe seo sa hae sa feba, sa mo tlohela; sa kgutlela ha ntata sona, Bethlehema-Juda, sa dula teng sebaka sa kgwedi tse nne.


Ha bo esa, mosadi a kgutla, a wela monyako wa ntlo ya monna eo monga hae a fapohetseng ha hae, mme a dula teng la ba la tjhaba.


Mohwehadi wa hae, ntata morwetsana, a mo thibela a ba a dula le yena tshiu tse tharo; mme ba eja, ba enwa, ba robala teng bosiu.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ