Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 19:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Monga hae a tsoha e sa le ka meso, a bula mamati a ntlo, mme a tswela ntle, a re o ya tswela pele tseleng ya hae; a mpa a bona mosadi eo, e leng serethe sa hae, a rapaletse monyako wa ntlo, matsoho a hae a le sefateng se hatwang sa monyako.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 Monga hae a tsoha hoseng, a bula mamati a ntlo. Ha a etswa, a re o a tsamaya, a bona mosadi, e leng mosadi wa hae wa lefielo, a tjapaletse fatshe pela monyako wa ntlo, matsoho a hae a itshwareletse koseneng ya ntlo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 19:27
4 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale, kganya ya Jehova ya tloha mohatong wa monyako wa tempele, ya ema hodima dikerubime.


Yaba kganya ya Jehova e tloha dikerubimeng, ya ikela mohatong wa monyako wa tempele; tempele ya tlala leru, lebala lona le ntse le tletse phatsimo ya kganya ya Jehova.


Ha bo esa, mosadi a kgutla, a wela monyako wa ntlo ya monna eo monga hae a fapohetseng ha hae, mme a dula teng la ba la tjhaba.


A re ho yena: Tsoha, re tsamaye. Empa ha a ka a araba. Yaba monna eo o mmelesa eseleng, a tsamaya, a ba a fihla hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ