Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 19:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Mme bonang, monna ya tsofetseng o ne a oroha masimong, mosebetsing wa hae, e le ka shwalane, e le monna wa thaba ya Efraime, a mpa a aheletse Gibea; athe batho ba motse oo e ne e le Babenjamine.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 Ka phirimana ha tla monnamoholo a etswa mosebetsing wa hae masimong. Monna eo o ne a etswa naheng e maralla ya Efraime, a jakile Gibea, empa batho ba moo e ne e le ba morabe wa Benjamine.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 19:16
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tla ja bohobe ka mofufutso wa phatla ya hao, o be o kgutlele mobung oo o ntshitsweng ho wona; hobane o lerole, mme o tla kgutlela leroleng.


Ebe motho o tswela tshebetsong ya hae le mosebetsing wa hae ho fihlela mantsiboya.


E, o tla ja ditholwana tsa mesebetsi ya matsoho a hao. Menono le lehlohonolo di be ho wena!


Maruo a batlilweng ka mano a tla nne a qephe; empa ya a bokellang ka ho sebetsa, o tla atelwa ke wona.


Mosebetsi ka mong o na le moputso; empa ho qamota feela ho qephisa maruo.


Hleka mosebetsi wa hao kantle, o lokise le tshimo ya hao; hamorao o tla tseba ho haha ntlo ya hao.


Ke ntho e tenang eo Modimo o e neileng bana ba batho, hore be ikgathatse ka yona.


Boroko ba motho ya sebetsang bo monate, leha a eja haholo, leha a eja hanyenyane; empa kgora ya morui ha e mo fe boroko.


Ba itshentse hampempe jwaloka mohla Gibea. Modimo o tla hopola makgopo a bona, o kgalemele dibe tsa bona.


Ya neng a utswa, a se ke a hlola a utswa, a mpe a ineele ho sebetsa dintho tse molemo ka matsoho a hae, a tle a tsebe ho nea ya hlokang.


Hobane enere ha re sa le ha heno, re kile ra le laela, ra re: Ekare ha e mong a hana ho sebetsa, a se ke a ja le hona.


Mohlang oo, ho ne ho se morena Iseraeleng. Ka mohlomong, monna wa Molevi ya neng a aheletse letswapong la thaba ya Efraime, a inkela mosadi wa serethe Bethlehema-Juda.


Kahoo, ba fetela pele, ba tsamaya, mme letsatsi la ba dikella Gibea, e leng motse wa Benjamine.


Ba fapohela Gibea jwalo, ba kena teng ho robala bosiu. Eitse hobane a kene, a dula lepatlelong la motse, ho se motho ya ba amohelang tlung ya hae, hore ba robale bosiu teng.


Eitse ha a emisa mahlo, a bona monna wa moeti lepatlelong la motse; yaba monna eo ya tsofetseng o re ho yena: O ya kae?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ