Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 19:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ha ba se ba le haufi le Jebuse, letsatsi le ne le se le rapame; mohlanka a re ho mong a hae: Tloo, re fapohele motseng ono wa Bajebuse, re robale bosiu teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Ha ba fihla Jebuse letsatsi le ne le se le ile, mme mohlanka a re ho monga hae: “Tloo, ke a o rapela: Re ke re fapohele motseng ona wa Bajebuse, re robaletse teng.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 19:11
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mohlang oo, morena le banna ba hae ba futuhela Jerusalema, ho ya lwantsha Bajebuse ba neng ba ahile fatsheng la teng. Bajebuse ba bolella Davida, ba re: O ke ke wa kena kwano; esita le difofu le dihole di ka o leleka. E be e le ho re, Davida a ke ke a kena teng.


Haele Bajebuse ba neng ba ahile Jerusalema, bana ba Juda ba sitwa ho ba leleka; Bajebuse ba ahile ke hona le bana ba Juda, Jerusalema, ho fihlela kajeno.


Haele bana ba Benjamine, ha ba ka leleka Bajebuse ba ahileng Jerusalema; ka baka leo, Bajebuse ba nna ba aha Jerusalema le bana ba Benjamine ho fihlela kajeno.


Empa monna a hana ho robala teng bosiu, a ba a ema, a tsamaya, mme a fihla pela Jebuse, e leng Jerusalema, a ena le diesele tse pedi tse belesitseng, le sona serethe sa hae se le ho yena.


Monga hae a re ho yena: Re ke ke ra fapohela motseng wa baditjhaba, oo e seng wa bana ba Iseraele; re tla mpe re fetele pele ho ya fihla Gibea.


Athe ke na le setroi le furu ya diesele tsa rona; hape, ke na le bohobe le veine e lekaneng nna le lekgabunyane la hao, le mohlanka eo bahlanka ba hao ba nang le yena; ha re hloke letho.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ