Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 19:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Mohlang oo, ho ne ho se morena Iseraeleng. Ka mohlomong, monna wa Molevi ya neng a aheletse letswapong la thaba ya Efraime, a inkela mosadi wa serethe Bethlehema-Juda.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Ka nako yona eo, ha Baiseraele ba ntse ba se na kgosi, Molevi e mong ya neng a jakile ka nqane ho naha e maralla ya Efraime, a inkela mosadi wa lefielo motseng wa Betlelehema e Juda.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 19:1
29 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le serethe sa hae se bitswang Reuma, le sona se mo tswaletse Thebake, le Gahame, le Tahashe, le Maaka.


Empa haele bara ba basadi ba bang, bao Abrahama a neng a na le bona, Abrahama a ba abela dimpho, mme a ba tlosa pela Isaaka, mora hae, a sa ntse a phela, a ba isa ka nqa botjhabela, naheng ya Botjhabela.


Ragele a shwa jwalo, mme a epelwa tseleng e yang Efrata, e leng yena Bethlehema.


Ebile ho hlomelwa Absalome tente hodima ntlo, mme Absalome a kena ho direthe tsa ntatae pontsheng ho Baiseraele bohle.


Yaba Joabe o ya ho morena tlung, a re: Kajeno o hlabisitse difahleho tsa bahlanka ba hao bohle dihlong, athe ba pholositse ho phela ha hao kajeno, le ho phela ha bara ba hao, le ho phela ha baradi ba hao, le ho phela ha basadi ba hao, le ho phela ha direthe tsa hao.


Davida a fihla tlung ya hae Jerusalema; morena a nka basadi ba leshome ba direthe, bao a neng a ba siile ho mo lebella ntlo, a ba bea moo ba bolokwang teng, a nna a ba fepa, a mpa a se ke a hlola a kena ho bona; ba nna ba dula ba kwaletswe, ba phela ba mokgwa wa bahlolohadi, ho isa tsatsing la ho shwa ha bona.


Jwale Saule o ne a siile serethe, bitso la sona e le Ritspa, moradi wa Aja. Ishe-Boshethe a re ho Abnere: Ke kang ha o kene ho serethe sa ntate na?


Jwale Davida, hobane a tlohe Hebrone, a eketsa a nka direthe le basadi Jerusalema; Davida a boela a tswallwa bara le baradi.


A nyala basadi ba makgolo a supileng ba mafumahadi, a nka le direthe tse makgolo a mararo; basadi bao ba hae ba kgelosa pelo ya hae.


Mabitso a wona ke ana: Ke Bene-Hure, thabeng ya Efraime;


Roboame a rata Maaka, moradi wa Absalome, ho ena le basadi ba hae ba bang kaofela le direthe tsa hae; athe o ne a nkile basadi ba leshome le metso e robileng meno e le mmedi le direthe tse mashome a tsheletseng, mme a tswala bara ba mashome a mabedi a metso e robileng meno e le mmedi le baradi ba mashome a tsheletseng.


O ne a kena teng ka shwalane; ka hosasa, o ne a kgutlela tlung ya bobedi ya basadi, kalosong ya Shaashgase, tona ya morena, modisa wa direthe; o ne a sa boele a kena ho morena, haese ha a ne a lakatswa ke morena, a bile a bitsitswe ka lebitso la hae.


Yaba ho tliswa mehope ya kgauta e hapilweng tempeleng, tlung ya Modimo, Jerusalema, mme morena, le mahosana a hae, le basadi ba hae, le dinyatsi tsa hae, ba enwa ka mehope eo.


Ha ho e mong ya ka etsang jwalo, ha kelello e setse ho yena. Empa keng ha e mong a entse jwalo? O ne a batla ditloholo ho Modimo. Iponeleng hle meyeng ya lona; o se ke wa etsa ka bolotsana ho mosadi wa botjha ba hao.


Le wena Bethlehema, fatshe la Juda, ha o monyenyane hara metse e meholo ya Juda, hobane ho tla tswa ho wena motsamaisi ya tla disa setjhaba sa ka sa Iseraele.


Ba mo pata naheng ya lefa la hae, Thimnathe-Sera, thabeng ya Efraime, nqa leboya ho thaba ya Gaashe.


Le yena Eleasare, mora Aarone, a shwa; mme ba mo pata leralleng la Finease, mora hae, leo a neng a le neilwe thabeng ya Efraime.


Kamora hae, Ibtsane, wa Bethlehema, a ahlolela Iseraele.


Monna e mong o ne a le teng thabeng ya Efraime, bitso la hae e le Mika.


Mehleng eo, ho ne ho se morena Iseraeleng; e mong le e mong o ne a iketsetsa kamoo a ratang kateng.


Ho ne ho na le mohlankana wa Bethlehema-Juda, wa leloko la Juda, e le Molevi, a aheletse hona teng.


Monna eo a falla motseng wa Bethlehema-Juda, ho ya jaka moo a ka fumanang sebaka teng. A re a sa le leetong la hae, a fihla ha Mika, thabeng ya Efraime.


Mohlang oo, ho ne ho se morena Iseraeleng. Mohlang oo, ba leloko la Dane ba ne ba ipatlela naha ya lefa eo ba ka ahang ho yona, hobane ba ne ba eso ho bone lefa la bona melokong ya Iseraele ho fihlela tsatsi leo.


Ha ba tloha teng, ba fihla ha Mika, thabeng ya Efraime.


Mme bonang, monna ya tsofetseng o ne a oroha masimong, mosebetsing wa hae, e le ka shwalane, e le monna wa thaba ya Efraime, a mpa a aheletse Gibea; athe batho ba motse oo e ne e le Babenjamine.


Serethe seo sa hae sa feba, sa mo tlohela; sa kgutlela ha ntata sona, Bethlehema-Juda, sa dula teng sebaka sa kgwedi tse nne.


Mohlang oo, ho ne ho se morena Iseraeleng; e mong le e mong o ne a etsa kamoo a ratang kateng.


Eitse ha a fihlile teng, a letsa terompeta thabeng ya Efraime, mme bana ba Iseraele ba theoha le yena thabeng, a ba eteletse pele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ