Dintja tseo di meharo, ha di kgore; ke badisa ba se nang kelello, e mong le e mong o ya ka tsela ya hae, o latela tseo e leng tsa hae, ho qala ka wa pele ho isa ho wa ho qetella.
Le ntlhompholotse pela setjhaba sa ka, ka baka la dikakolo tsa harese le dingwatho tsa bohobe, ka ho bolaya meya e neng e sa tshwanela ho shwa, le ka ho pholosa meya e neng e sa tshwanela ho phela, le ka ho thetsa setjhaba sa ka se mamelang leshano.
Ke mang hara lona ya tla kwala menyako, hore le se hlole le hotetsa mollo wa aletare ya ka ka lefeela? Ha ke kgahlwe ke lona, ho bolela Jehova wa makgotla, nke ke ka amohela sehlabelo se hlahiswang ke matsoho a lona.
E se ke ya eba motho ya hapjwang ke veine, leha e le ya otlang, kapa ya batlang leruo ka thetso, e mpe e be motho ya mosa, ya hloyang komang, ya sa rateng tjhelete;
Mme ka baka la takatso ya bona ya ho rua ka lona, ba tla le thetsa ka dipolelo tsa mano; empa kahlolo eo e seng e le kgale ba e abetswe, ha e diehe, mme timelo ya bona ha e robale.
Mika a re ho yena: Dula le nna, o be ntate le moprista wa ka; nna, ke tla o nea dishekele tse leshome ka selemo se seng le se seng, le diaparo tsa hao le dijo tsa hao.
Ba re ba se ba le haufi le ntlo ya Mika, ba tseba lentswe la mohlankana wa Molevi; ba fapohela ho yena, ba re ho yena: O tlisitswe kwano ke mang? O etsang mona, mme taba ya hao mona ke efe?