Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 18:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Ba ikemisetsa setshwantsho se betlilweng, se entsweng ke Mika, mme ha nna ha eba jwalo ka ditshiu tsohle tseo ntlo ya Modimo e nnileng ya eba Silo ka tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

31 Ka nako yohle, eo Tente ya Modimo e neng e le Shilo ka yona, ba kgumamela setshwantsho seo Mmika a iketseditseng sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 18:31
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ha tla batho ba Sikeme, le ba Silo, le ba Samaria, ba mashome a robileng meno e le mmedi, ba beotswe ditedu, le meaparo ya bona e hahotswe, ba phatsitswe, ba tshwere dinyehelo le dibano, ba di tlisa tlung ya Jehova.


Le mpe le ye leahong la ka le neng le le Silo, moo ke neng ke beile lebitso la ka pele, mme le bone seo ke se entseng ho lona ka baka la bolotsana ba setjhaba sa ka sa Iseraele.


Yaba phutheho yohle ya bana ba Iseraele e bokana Silo, ya hloma tente ya pokano teng; ke ha lefatshe le se le hapilwe ke bona.


Eo a re ho yena: Re tswa Bethlehema-Juda, re ya letswapong la thaba ya Efraime; ke wa teng; ke ne ke ile Bethlehema-Juda, mme jwale ke ya tlung ya Jehova; leha ho le jwalo, ha ho motho ya nkamohelang tlung ya hae.


Ba re: Bonang, mokete wa Jehova o teng Silo ka selemo se seng le se seng, ka nqa leboya ho Bethele, le ka nqa botjhabatsatsi ho tsela e tlohang Bethele ho ya nyolosetsa Sikeme, le ka nqa leboya ho Lebona.


Le tadime, mme ha le bona barwetsana ba Silo ba etswa hae ho etsa mehobelo, le tswe masimong a merara; e mong le e mong a ikgapele mosadi hara barwetsana ba Silo, mme le ye le bona naheng ya Benjamine.


Monna eo o na a ye a tlohe motseng wa habo ka selemo se seng le se seng, ho ya rapela le ho hlabela Jehova wa makgotla Silo. Ke moo bara ba Eli ba babedi, Hofni le Finease, e neng e le baprista ba Jehova.


Ebile setjhaba se romela Silo, ho ya lata teng areka ya selekane sa Jehova wa makgotla ya dutseng hara dikerubime; bara ba babedi ba Eli, Hofni le Finease, ba ne ba le teng le areka ya selekane sa Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ