Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 18:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Mme motse oo ba o rea lebitso la Dane, ka lebitso la Dane ntata bona, ya neng a tswaletswe Iseraele. Empa bitso la pele la motse e ne e le Laishe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

29 Motse oo ba o rea lebitso la Dane, ba o reella ntata bona Dane, eo e neng e le mora wa Iseraele. Pele ho moo motse oo o ne o bitswa Laishe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 18:29
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse ha Abrame a utlwa hoba ngwanabo o tshwerwe, a phalla le batho ba hae ba hlakisitseng ba makgolo a mararo a leshome le metso e robileng meno e mmedi, ba tswaletsweng ka tlung ya hae, mme a ba tebela, a ba a fihla Dane.


Yaba Ragele o re: Modimo o nkahloletse, o bile o mametse lentswe la ka, o nneile mora. Ka baka leo, a mo rea lebitso la Dane (moahlodi).


A re ho yena: Lebitso la hao ha ho sa tla thwe ke Jakobo, empa e tla ba Iseraele (ya betaneng le Modimo), hobane o lwanne le Modimo le batho, mme o hlotse.


Ke eletsa ke hona, ke re: Baiseraele bohle ba ke ba phuthelwe ho wena, ho tloha Dane le ho ya fihla Beerseba, ba be ka ka lehlabathe le lebopong la lewatle, mme le wena o futuhe ka sebele sa hao.


Ben-Hadade a utlwa morena Asa; a roma balaodi ba makgotla a hae ho lwantsha metse ya Iseraele; a kena Ijone, Dane, Abele-Bethe-Maaka, le naha yohle ya Kinnerothe, le naha yohle ya Nefthali.


Modumo wa dipere tsa hae o utlwahetse Dane, fatshe lohle le reketla ke dillo tse tshabehang tsa tsona; ba ya tla ho bolaya naha le tseo e tletseng tsona, metse le baahi ba yona.


Moshe a tloha mahwatateng a Moabe, a nyolohela thabeng ya Nebo, qhoweng ya Pisga malebana le Jeriko; Jehova a mmontsha lefatshe lohle: naha yohle ya Gileade ho isa Dane,


Naha ya bana ba Dane ya boela ya tswela kantle ho moo e neng e le ha bona; hobane bana ba Dane ba ile ba futuhela Lesheme, ba o kena, ba bolaya ba teng ka bohale ba lerumo, ba o rua, mme ba aha teng, ba bitsa Lesheme Dane ka lebitso la ntata bona, Dane.


Yaba banna bao ba bahlano ba tloha, ba fihla Laishe, ba bona batho ba teng ba dutse ba iketlile ka mokgwa wa Basidone, ba dutse ka boiketlo le ka kgotso, ho se motho ya nang le borena naheng eo, ya nang le matla a ho ba etsa hampe, ba le hole le Basidone, ba se na taba le batho ba bang.


Yaba bana ba Iseraele bohle ba tswa, ho tloha Dane le ho isa Beerseba, le naheng ya Gileade, mme Baiseraele ba phuthehela Mitspe pela Jehova, jwaloka hoja ke motho a le mong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ