Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 18:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Ha ho a ka ha eba motho ya namolelang motse, hobane o ne o le hole le Sidone, hape batho ba teng ba ne ba se na taba le ba bang. Motse oo o ne o le kgohlong e Bethe-Rehobe. Ba boela ba tsosa motse, ba aha teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

28 Ba hloka ya ka ba namolelang, hobane ba ne ba le hole le Sidone, ebile ba sa amane le motho ofe kapa ofe. E ne e le ka kgohlong e haufi le Bete-Rehobe. Bana ba Dane ba haha motse, mme ba phela moo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 18:28
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bana ba Ammone ba bona hobane ba ikentse ba nkgang hampe ho Davida; yaba bana ba Ammone ba romela ho mema Basiria ba Bethe-Rehobe, le Basiria ba Tsoba, e le batho ba mashome a mabedi a dikete ba maoto, ba morena wa Maaka e le ba sekete se le seng, le ba Tobe e le ba dikete tse leshome le metso e mmedi.


Jwale, lekgabunyane la hao le be le na le bara ba le babedi; ba qabana ba babedi naheng, ho se ya ba namolang; e mong a ba a beta wa bobedi, a mmolaya.


Ba ntoo tla Gileade, le naheng ya Thahethime-Hodshi, ba ntoo fihla Dane-Jaane, le mathokong a Sidone.


Lemohang tseo, lona ba lebaleng Modimo, esere mohlomong ka le harola, mme ha hlokahala ya namolelang!


esere sera sa nthusolla jwaloka tau, sa ntshetlakela ha ke hloka monamoledi.


O itse: Ha o sa tla thaba, wena morwetsana ya senyehileng, moradi wa Sidone! Tsoha, o ikele Kittime, o tshelele teng; empa le teng o ke ke wa bona phomolo.


Swaba, Sidone, hobane lewatle le a bolela, qhobosheane ya lewatle e re: Ha ke tsebe bohloko ba ho beleha, ha ke a beleha; ha ke a ka ka hodisa bahlankana kapa barwetsana.


Yaba ba ya, mme ba hlwela naha ho tloha lefeelleng la Tsine ho isa Rehobe, tseleng ya Hamathe.


Jehova a ba neela matsohong a Baiseraele, ba ba qhala, mme ba ba phallela ho ya fihla Sidone e moholo, le Misrefothe-Maime, le ho ya fihla sekgutlong sa Mitspe, ka nqa botjhabela; ba ba bolaya, ha se ke ha eba le motho ya phonyohang.


le Ebrone, le Rehobe, le Hammone, le Kana, ho isa Sidone e moholo.


Mohlang oo, ho ne ho se morena Iseraeleng. Mohlang oo, ba leloko la Dane ba ne ba ipatlela naha ya lefa eo ba ka ahang ho yona, hobane ba ne ba eso ho bone lefa la bona melokong ya Iseraele ho fihlela tsatsi leo.


Mme motse oo ba o rea lebitso la Dane, ka lebitso la Dane ntata bona, ya neng a tswaletswe Iseraele. Empa bitso la pele la motse e ne e le Laishe.


Yaba banna bao ba bahlano ba tloha, ba fihla Laishe, ba bona batho ba teng ba dutse ba iketlile ka mokgwa wa Basidone, ba dutse ka boiketlo le ka kgotso, ho se motho ya nang le borena naheng eo, ya nang le matla a ho ba etsa hampe, ba le hole le Basidone, ba se na taba le batho ba bang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ