Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 18:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 A re: Le nkile medimo ya ka eo ke e entseng, le moprista wa ka, mme le ile le bona; jwale, ke saletswe ke eng na? Le mpotsa jwang, ha le re: O jewa keng?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 Mmika a re ho bona: “Le nkile modimo wa ka, oo ke iketseditseng wona, le moprista le mo nkile, yaba le a tsamaya. Ke sa na le eng? Jwale le re na ke batlang?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 18:24
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa, leha ho tsamayeng o tsamaile ka baka la hobane o hlolohetswe ntlo ya ntatao ka ho fetisisa, na o utsweditseng medimo ya ka na?


Ragele o ne a nkile diterafime, a di kentse qhaneng ya kamele; o ne a dutse hodima tsona. Labane a batlisisa tente kahohle, a se ke a di fumana.


Yaba bohale ba Jehova bo tukela Amatsia, a mo romela moporofeta e mong; eo a tla, a re: O batletseng medimo ya setjhaba seno e sa kang ya tseba ho namolela setjhaba sa yona matsohong a hao?


Kamoo di leng kateng, ba di etsang ba tla ba jwalo, le bohle ba beang tshepo ya bona ho tsona.


Komello e metsing a hae, hore a tle a pshe, hobane ke lefatshe la ditshwantsho tse betlilweng, mme ba hlanyetsa medimo ya bona.


Motho e mong le e mong o thotofetse, o hloka tsebo; moqhibidisi e mong le e mong o hlabiswa dihlong ka setshwantsho sa hae, hobane setshwantsho sa hae se qhibidisitsweng ke leshano feela, ha ho phefumoloho ho sona.


Leha e ne e le wa ka, Ohola a boka, a ratana haholo le barati ba hae, e leng batho ba Assiria ba ahisaneng le yena,


Le a bona, le a utlwa, hoba Pauluse eo o se a kgodisitse batho ba bangata, e seng Efese feela, e batla ho ba Asia kaofela; o bile o ba kgelositse ka ho re, medimo e etswang ka matsoho hase medimo.


seo marena a lefatshe a febileng le sona, le ba ahileng lefatsheng ba tahilweng ke veine ya bootswa ba sona.


Mika a re: Jwale, ke a tseba hobane Jehova o tla nketsa hantle, hobane ke na le moprista wa Molevi.


Monna eo, Mika, o ne a na le ntlo ya modimo; a iketsetsa le efoda le diterafime, mme a kgetha e mong wa bara ba hae, a mmea moprista wa hae.


Ba howeletsa bana ba Dane; bao, ha ba reteleha, ba re ho Mika: O jewa keng ha o etla o ba phuthile ka mokgosi?


Bana ba Dane ba re ho yena: O se ke wa re utlwisa lentswe la hao, esere mohlomong banna ba pelo tse halefang ba le wela hodimo, mme wa itshenyetsa bophelo ba hao le ba ntlo ya hao.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ