Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 18:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Bana ba Dane ba kgetha, hara bona bohle, banna ba bahlano ba bohale, ba bana ba Tsorea le Eshthaole, mme ba ba romela ho ya hlwela naha le ho e lekola. Ba re ho bona: Eyang, le lekole naha. Ba ya, ba ba ba fihla ha Mika, thabeng ya Efraime, mme ba robala teng bosiu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Bana ba Dane ba roma banna ba bahlano ba lelapa labo bona, e le bahlabani ba tswang metseng ya Sora le Eshetaole, ho ya hlwela naha, le ho e hlahloba. Ba re ho bona: “Tsamayang le yo hlahloba naha.” Bao ba ya fihla naheng e maralla ya Efraime, tlung ya Mmika, mme ba robaletsa teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 18:2
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Josefa o hopola ditoro tseo a neng a di lorile hodima bona, a re ho bona: Le dihlwela, le tlile ho bona dibaka tsa naha tse leng feela.


Merero e tiiswa ke keletsano; ka baka leo, o rere ntwa ka ho nahanisisa.


Moshe a ba roma ho ya hlwela naha ya Kanana, a re ho bona; Le kene ho yona ka nqa borwa, mme le hlwelle dithabeng,


Kapa morena ke ofe, ya futuhelang morena e mong, a ke keng a dula pele, a nahana hore na ka batho ba dikete tse leshome le le leng, a ka ya kgahlanyetsa ya tlang ho mo lwantsha ka dikete tse mashome a mabedi na?


Moedi wa lefa la bona ke Tsorea, le Eshthaole, le Ire-Shemeshe,


Jwale, Joshua, mora Nune, ha a le Shittime, a roma banna ba babedi sephiring, ho ya bohlwela, a re: Eyang le lekole lefatshe le Jeriko. Yaba ba ya, mme ba kena tlung ya mosadi oa sehlola, bitso la hae e le Rahaba, ba robala teng.


Ha sebelwa morena wa Jeriko, ha thwe: Bona, ho tlile kwano, bosiung bona, banna ba bana ba Iseraele, ho hlwela lefatshe.


Monna o ne a le teng Tsorea, wa leloko la Dane, lebitso la hae e le Manowa; mosadi wa hae e ne e le nyopa, a sa tswale bana.


Moya wa Jehova wa qala ho mo sisinya, a le Mahane-Dane, mahareng a Tsorea le Eshthaole.


Yaba banababo le bohle ba ntlo ya ntatae ba theoha ba mo tlosa, ba mo nka, mme ba mo pata lebitleng la Manowa ntatae, mahareng a Tsorea le Eshthaole. O ne a ahloletse Iseraele ka dilemo tse mashome a mabedi.


Monna e mong o ne a le teng thabeng ya Efraime, bitso la hae e le Mika.


Ha ho le jwalo, banna ba makgolo a tsheletseng ba leloko la Badane ba tloha Tsorea le Eshthaole, ba hlometse.


Ha ba tloha teng, ba fihla ha Mika, thabeng ya Efraime.


Ba re ba se ba le haufi le ntlo ya Mika, ba tseba lentswe la mohlankana wa Molevi; ba fapohela ho yena, ba re ho yena: O tlisitswe kwano ke mang? O etsang mona, mme taba ya hao mona ke efe?


Yaba ba boela ho banababo bona, ba leng Tsorea le Eshthaole. Banababo bona ba re: Le tlisitse dife?


Mohlang oo, ho ne ho se morena Iseraeleng. Ka mohlomong, monna wa Molevi ya neng a aheletse letswapong la thaba ya Efraime, a inkela mosadi wa serethe Bethlehema-Juda.


Eo a re ho yena: Re tswa Bethlehema-Juda, re ya letswapong la thaba ya Efraime; ke wa teng; ke ne ke ile Bethlehema-Juda, mme jwale ke ya tlung ya Jehova; leha ho le jwalo, ha ho motho ya nkamohelang tlung ya hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ