Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 18:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ba re ho yena: Thola, o thibe molomo wa hao ka letsoho, o tsamaye le rona, o be ntata rona le moprista wa rona; haele hore o be moprista wa ntlo ya motho a le mong, kapa o be moprista wa leloko le le leng le wa lesika le le leng la Iseraele, ho molemo ho wena e ka ba hofe na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Ba re ho yena: “Kgutsa! Bea letsoho molomong, o tsamaye le rona, mme o be ntata rona le moprista wa rona. Ho molemo ho wena ke hofe: Ho ba moprista wa lelapa la motho a le mong, kapa ho ba moprista wa morabe le wa lelapa la Iseraele?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 18:19
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mohla Elisha a kulang ke lefu leo a tla shwa ke lona, Joase, morena wa Iseraele, o ne a theohetse ho yena, a lla pela hae, a re: Ntate, ntate! koloi ya Iseraele le bapalami ba yona!


Morena wa Iseraele, ha a ba bona, a re ho Elisha: Na ke ba bolaye, ke ba bolaye na, ntate?


Tlisang mahlo ho nna, mme le tla makala, le bee letsoho molomong.


mahosana a ne a lesa ho bua, a bea matsoho melomong ya wona;


Ekare ha o entse bosawana ka ho ikgohomosa, mme o hopotse bobe, bea letsoho molomong!


Ditjhaba di tla bona, di hlajwe ke dihlong bakeng sa matla wohle a tsona; di tla ipea letsoho hodima molomo, di thibane ditsebe.


Le se ke la bitsa motho lefatsheng ntata lona, hobane o mong feela eo e leng Ntata lona, ke ya leng mahodimong.


Mika a re ho yena: Dula le nna, o be ntate le moprista wa ka; nna, ke tla o nea dishekele tse leshome ka selemo se seng le se seng, le diaparo tsa hao le dijo tsa hao.


Eitse hobane bao ba bahlano ba kene tlung ya Mika, ha ba se ba nkile setshwantsho se betlilweng, le efoda, le diterafime, le setshwantsho se tsholotsweng, moprista a re ho bona: Le etsang?


Yaba pelo ya moprista e a thaba; a nka efoda, le diterafime, le setshwantsho se betlilweng, a tla a ema hara batho bao.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ