Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 18:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Jwale, banna ba bahlano ba neng ba ile ho hlwela naha, ba nyoloha, ba kena, mme ba nka setshwantsho se betlilweng, le efoda, le diterafime, le setshwantsho se tsholotsweng, moprista yena a ntse a eme monyako hammoho le banna ba makgolo a tsheletseng ba hlometseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Banna ba bahlano, ba neng ba ilo hlwela naha, ba nyoloha, ba kena ka tlung, ba nka setshwantsho se betlilweng, le setipe, le modingwana wa lelapa, le setshwantsho se bopilweng. Moprista yena a ema kgorong ya motse le banna ba makgolo a tsheletseng, ba hlometseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 18:17
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Athe Labane o ne a ile ho kuta dinku tsa hae. Yaba Ragele o utswa diterafime tsa ntatae.


Empa, leha ho tsamayeng o tsamaile ka baka la hobane o hlolohetswe ntlo ya ntatao ka ho fetisisa, na o utsweditseng medimo ya ka na?


A nka namane e entsweng ke bona, a e tjhesa mollong, a ba a e tula phofo e tshesane haholo, a e akgela metsing, a e nosa bana ba Iseraele.


Bonang, kaofela ha bona hase eng, mesebetsi ya bona ke lefeela le bosawana, ditshwantsho tsa bona ke pudulo feela.


Ba o emisa, ba o jara mahetleng a bona, ba o bea tulong sa wona; o eme o sa sisinyehe nqalong ya wona; ba howeletse ho wona, empa ha o arabe, ha o ba boloke matswalong a bona.


Hobane morena wa Babilona o eme mmileng o moholo maarohanong a ditsela tse pedi, hore a etse bonohe; o shohlomanya metsu, o botsa diterafime, o tadima sebete.


Hobane ka matsatsi a mangata, bana ba Iseraele ba tla dula ba se na morena le mahosana, ba se na sehlabelo le setshwantsho, ba se na efoda le terafime.


Ha e le ditshwantsho tsa hao tse betlilweng le tse tsholotsweng, ke tla di fedisa mahareng a hao, mme ha o sa tla kgumamela mosebetsi wa matsoho a hao.


Banna ba bahlano ba neng ba ile ho hlwela naha ya Laishe, ba bolella banababo bona, ba re: Na ha le tsebe hobane efoda e teng mona matlung ao, le diterafime, le setshwantsho se betlilweng, le se tsholotsweng na? Jwale, bonang seo le tla se etsa.


Haele banna ba makgolo a tsheletseng, ba hlometseng, ba bana ba Dane, bona ba ema pela monyako.


Eitse hobane bao ba bahlano ba kene tlung ya Mika, ha ba se ba nkile setshwantsho se betlilweng, le efoda, le diterafime, le setshwantsho se tsholotsweng, moprista a re ho bona: Le etsang?


Bana ba Dane ba kgetha, hara bona bohle, banna ba bahlano ba bohale, ba bana ba Tsorea le Eshthaole, mme ba ba romela ho ya hlwela naha le ho e lekola. Ba re ho bona: Eyang, le lekole naha. Ba ya, ba ba ba fihla ha Mika, thabeng ya Efraime, mme ba robala teng bosiu.


Joase a fetola batho kaofela ba tlileng ho yena, a re: Hleka ke lona le tla tsekela Baale na? Na ke lona le tla mo pholosa na? Ya tla mo tsekela o tla shwa e eso ho be hosasa. Ha Baale e le modimo, a itsekele e le yena, ha aletare ya hae e heleditswe.


Mikale a nka terafime, a e kenya diphateng tsa Davida, a e rwesa boya ba podi hloohong, a e apesa le ka kobo.


Le areka ya Modimo ya hapuwa, mme bara ba babedi ba Eli, hofni le Finease, ba bolawa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ