Ba nyoloha, ba ya emisa Kiryathe-Jearime, Juda; ka baka leo, bitso la teng ya eba Mahane-Dane (diahelo tsa Dane), ho fihlela kajeno. Ke kamora Kiryathe-Jearime.
Banna ba bahlano ba neng ba ile ho hlwela naha ya Laishe, ba bolella banababo bona, ba re: Na ha le tsebe hobane efoda e teng mona matlung ao, le diterafime, le setshwantsho se betlilweng, le se tsholotsweng na? Jwale, bonang seo le tla se etsa.
Mohlang oo, ho ne ho se morena Iseraeleng. Ka mohlomong, monna wa Molevi ya neng a aheletse letswapong la thaba ya Efraime, a inkela mosadi wa serethe Bethlehema-Juda.