Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 17:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Mika a busetsa tjhelete tseo ho mmae, mme mmae a nka dishekele tse makgolo a mabedi, a di nea setsholli; sa di etsa setshwantsho se betlilweng le setshwantsho se tsholotsweng, mme tsa dula tlung ya Mika.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Ha Mmika a kgutliseditse tjhelete eo ho mmae, mmae a ntsha tjhelete ya silefera e ka etsang boima ba dikilo tse pedi le halofo, a e nea lelala, mme lona la etsa setshwantsho se betlilweng, le setshwantsho se bopilweng, mme tsena tsa iswa ka tlung ya Mmika.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 17:4
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mme ditshwantsho tsa lona tse betlilweng tse apesitsweng ka silefera, le ditshwantsho tsa lona tse tsholotsweng tse manehilweng ka kgauta, le tla di tshela ditshila, le di lahle jwaloka manyala, ka ho re: Tswang!


Mmetli o otlolla thapo hodima lehong, a ngole setshwantsho ka potoloto, a se bope ka phalo, a se lekanye ka tekanyo, a se etse ka sebopeho sa motho le ka botle ba motho, se tle se lokele ho dula tlung.


Ho thuswang ke setshwantsho se betlilweng, ha mmetli wa sona a se betlile; le ke setshwantsho se tsholotsweng, le ke moruti wa leshano, ha mmetli a itshepela se betlilweng ke yena, a tle a etse medimo e dimumu?


Ho rohakwe motho ya etsang setshwantsho se betlilweng, kapa se tsholotsweng, e leng ntho e manyala ho Jehova, mosebetsi wa matsoho a sebetli, mme a se bea nqalong e itseng e sephiri! Mme setjhaba sohle se tla dumela, se re: Amen!


Eitse hobane a busetse ho mmae shekele tseo tse sekete se nang le lekgolo, mmae a re: Ke kgethela Jehova ditjhelete tseo ka letsoho la ka, hore ka tsona ho etsetswe mora ka setshwantso se betlilweng le setshwantsho se tsholotsweng; ka ho etsa hoo, ke tla di busetsa ho wena.


Monna eo, Mika, o ne a na le ntlo ya modimo; a iketsetsa le efoda le diterafime, mme a kgetha e mong wa bara ba hae, a mmea moprista wa hae.


Jwale, banna ba bahlano ba neng ba ile ho hlwela naha, ba nyoloha, ba kena, mme ba nka setshwantsho se betlilweng, le efoda, le diterafime, le setshwantsho se tsholotsweng, moprista yena a ntse a eme monyako hammoho le banna ba makgolo a tsheletseng ba hlometseng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ