Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 17:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 A re ho mmae: Dishekele tsa silefera tse sekete se nang le lekgolo, tse utswitsweng ho wena, tseo o kileng wa rohaka ka baka la tsona, wa di bolela ke le teng, bona, tjhelete tseo di ho nna; ke nna ke neng ke di nkile. Mmae a re ho yena: Mora ka a ke a hlohonolofatswe ke Jehova!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 A re ho mmae: “Ha o ne o utsweditswe tjhelete ya silefera e ka etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e meraro o ne o nee ya utswitseng tjhelete eo thohako, moo ke ntseng ke utlwa. Bona he, silefera eo ke ena ho nna; ke nna ya neng a e nke.” Mmae a re: “Morena a ke a o hlohonolofatse, ngwanaka.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 17:2
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A mo hlohonolofatsa, a re: Ho hlohonolofatswe Abrame ke Modimo o hodimodimo, monga mahodimo le lefatshe!


Yaba ke a ba kgalemela, ka ba rohaka, ka ba ka otla ba bang, ka ba hlotha meriri; mme ka ba hlapantsha ka Modimo, ka re: Se neeng baradi ba lona ho bara ba bona, mme le se nkele bara ba lona baradi ba bona; le lona le se ke la inkela bona!


hobane molotsana o ithorisa ka takatso ya pelo ya hae, mme leshodu le rohaka, le nyedisa Jehova.


O se ke wa tlaela ka lebitso la Jehova, Modimo wa hao, hobane Jehova a ke ke a latola molato wa ya tlaelang ka lebitso la hae.


Ya utswang tsa ntatae le mmae, mme a re, hase molato, ke wa habo basenyi.


Ho rohakwe ya tla etsa mosebetsi wa Jehova ka botswa; ho rohakwe ya tlosang lerumo la hae mading.


Yaba o qala ho hlapanya, a ana, a re: Motho eo ha ke mo tsebe. Athe kapelepele mokoko wa lla.


Hobane, ke be nka rata hore nna ka sebele ke be anathema ka nqa ho Kreste, sebakeng sa banabeso, bao e leng ba mofuta o le mong le nna ka nama;


Ekare ha motho a le teng, ya sa rateng Morena Jesu, a be anathema. Maranatha (Morena wa rona o a tla).


Ho rohakwe ya nyedisang ntatae, kapa mmae! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!


Hobane ya mo dumedisang o kopana le yena ketsong tsa hae tse mpe.


Monna e mong o ne a le teng thabeng ya Efraime, bitso la hae e le Mika.


Eitse hobane a busetse ho mmae shekele tseo tse sekete se nang le lekgolo, mmae a re: Ke kgethela Jehova ditjhelete tseo ka letsoho la ka, hore ka tsona ho etsetswe mora ka setshwantso se betlilweng le setshwantsho se tsholotsweng; ka ho etsa hoo, ke tla di busetsa ho wena.


Rohakang Merose, ha rialo lengeloi la Jehova! Rohakang, rohakang ba ahileng teng, hobane ha ba ka ba tla ho tlatsa Jehova, ho tlatsa Jehova hammoho le bahale.


Boase a re: O hlohonolofatswe ke Jehova, moradi wa ka, hobane o entse sa morao hantle ho feta sa pele, kamoo o sa kang wa latella bahlankana kateng, leha e le ba ruileng, leha e le ba fumanehileng.


Banna ba Iseraele ba ne ba kgathetse tsatsing leo; empa Saule a hlapantsha setjhaba, a re: Ho rohakwe motho ya jang dijo ho isa mantsiboya, ke be ke iphetetse ho dira tsa ka. Ka baka leo, setjhaba kaofela ha se a ka sa utlwa bohobe.


Empa e mong wa setjhaba a bua, a re: Ntatao o hlapantshitse setjhaba ka ho re: Ho rohakwe motho ya jang dijo kajeno. Athe setjhaba se kgathetse.


Samuele ha a fihla ho Saule, Saule a re ho yena: Hlohonolofatswa ke Jehova! Ke phethile taelo ya Jehova.


Saule a re: Le ke le hlohonolofatswe ke Jehova, hobane le nkutlwetse bohloko.


Morena, monga ka, a ke a mamele taba tsa mohlanka wa hae jwale; ha ekaba ke Jehova ya o tsoseditseng nna, a ke a dumele sehlabelo; haeba ke batho, ba ke ba rohakwe pela Jehova, hobane kajeno ba ntelekile hore ke se ke ka kgomarela tjhaba sa lefa la Jehova; ba re, ke ye, ke sebeletse medimo esele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ