Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 17:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Monna e mong o ne a le teng thabeng ya Efraime, bitso la hae e le Mika.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Ho ne ho ena le monna ya neng a phela naheng e maralla ya Efraime, lebitso la hae e le Mmika.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 17:1
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mabitso a wona ke ana: Ke Bene-Hure, thabeng ya Efraime;


Moedi o seha ho tloha qhoweng ya thaba ho isa sedibeng sa metsi a Nefthoa, o fihle metseng ya thaba ya Efrone; o ntoo lebiswa Baala, e leng Kiryathe-Jearime.


Ba newa Sikeme le meraka ya wona, thabeng ya Efraime, e le motse wa setshabelo sa mmolai, le Gesere le meraka ya wona,


Ba mo pata naheng ya lefa la hae, Thimnathe-Sera, thabeng ya Efraime, nqa leboya ho thaba ya Gaashe.


Kamora Abimeleke, ha hlaha Thola, mora Pua, mora Dodo, monna wa Issaskare, ho namolela Iseraele; o ne a ahile Shamire, thabeng ya Efraime.


Yaba banababo le bohle ba ntlo ya ntatae ba theoha ba mo tlosa, ba mo nka, mme ba mo pata lebitleng la Manowa ntatae, mahareng a Tsorea le Eshthaole. O ne a ahloletse Iseraele ka dilemo tse mashome a mabedi.


A re ho mmae: Dishekele tsa silefera tse sekete se nang le lekgolo, tse utswitsweng ho wena, tseo o kileng wa rohaka ka baka la tsona, wa di bolela ke le teng, bona, tjhelete tseo di ho nna; ke nna ke neng ke di nkile. Mmae a re ho yena: Mora ka a ke a hlohonolofatswe ke Jehova!


Ha ba tloha teng, ba fihla ha Mika, thabeng ya Efraime.


Bana ba Dane ba kgetha, hara bona bohle, banna ba bahlano ba bohale, ba bana ba Tsorea le Eshthaole, mme ba ba romela ho ya hlwela naha le ho e lekola. Ba re ho bona: Eyang, le lekole naha. Ba ya, ba ba ba fihla ha Mika, thabeng ya Efraime, mme ba robala teng bosiu.


Eitse ha a fihlile teng, a letsa terompeta thabeng ya Efraime, mme bana ba Iseraele ba theoha le yena thabeng, a ba eteletse pele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ