Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 16:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Samsone a re ho yena: Ha nka tlangwa ka kgole tsa seqha tse supileng tse ntjha, tse esong ho ome, nka fokola, ka ba jwaloka batho ba bang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 Samosone a re ho yena: “Haeba ba ka ntlama ka dikgwele tsa seqha tse supileng, tse ntjha, tsa lesika le eso ka le omiswa, ke tla fokola, ke tshwane le monna e mong le e mong.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 16:7
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Molomo wa nnete o tla tiya ka ho sa feleng; empa leleme le bohata ke la motsotso o kang ha ke panya.


Dipuo tsa maele ha di roneha ho motho ya mabela, tse mano tsona di roneha hakakang ho ba baholo!


Mme ha re etse keng bobe, botle bo tle bo hlahe? Kamoo re ntseng re etselletswa kateng, ke ba bang, ha ba bolela hore re rialo. Tsuo ya bao e lokile.


Le se ke la thetswa, Modimo ha o songwe; hobane seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona.


Le se ke la thetsana ka mashano; le hlobole motho wa kgale le diketso tsa hae;


Delila a re ho Samsone: Bona, o ntshomile, o bile o mpoleletse leshano: mpolelle jwale se ka o tlamang.


Yaba Delila o re ho Samsone: Ako ntsebise hore na matla a hao a maholo a tswa kae, le kamoo o ka tlangwang kateng, hore o tle o kokobetswe.


Yaba marena a Bafilesta a tlisetsa Delila kgole tsa seqha tse supileng tse ntjha, tse esong ho ome, mme a mo tlama ka tsona.


Banna ba ne ba mo laletse kamoreng e kahare. Yaba Delila o re ho yena: Samsone, Bafilesta ke bao hodima hao. Yaba o kgaola dikgole jwalokaha ho kgaolwa tshwele ya matakwane, ha e atametswa pela mollo. Ka mokgwa o jwalo, matla a hae ha a ka a tsejwa moo a tswang teng.


Saule a re ho Mikale: O nthetseditseng, ha o dumeletse sera sa ka sa baleha na? Mikale a re ho Saule: O itse ho nna: Ntese, ke ye; o re, ke o bolaeleng?


Akishe a botsa, a re: Le be le futuhetse kae kajeno? Davida a re: Re tswa futihela nqa borwa ho Juda, le nqa borwa ho Bajerahemeele, le nqa borwa ho Bakene.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ