Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 16:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Marena a Bafilesta a nyolohela ho yena, a re ho yena: Mo qeke, o be o tsebe hore na matla a hae a maholo a tswa kae, le kamoo re ka tsebang ho mo hlola kateng, re tle re mo tlame, re mo kokobetse; e mong le e mong wa rona re tla o nea dishekele tsa silefera tse sekete se nang le lekgolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Mahosana a Bafilesita a fihla ho mosadi eo, mme a re ho yena: “Mo qeke, mme o fumane hore na matla ana a hae a maholo a tswa kae; le hore na re ka mo hlola jwang, hore re tle re tsebe ho mo tlama, re mo fokodise. E mong le e mong wa rona o tla o nea tjhelete ya silefera e ka etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e meraro.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 16:5
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Esau o kgutla ka tsela ya hae ka lona tsatsi leo, a ya Seire.


Ba kena ka matsoho a mabedi bobeng, hore ba bo phethe: morena o a qela, moahlodi o ahlolela moputso, e moholo yena o bolela takatso e mpe ya moya wa hae; hammoho ba sothanya ditaba.


a re: Le tla nneang, ke tle ke le neele yena? Mme ba mmalla ditjhelete tsa silefera tsa mashome a mararo.


ho tloha nokeng ya Shikore, e mathang pela Egepeta, ho isa moeding wa Ekrone, nqa leboya, moo ho thweng, ke ha Bakanana; teng ho na le kgosana tse hlano tsa Bafilesta, ya Gasa, le ya Ashdode, le ya Ashkelone, le ya Gathe, le ya Ekrone.


Eitse ka la bosupa, ba re ho mosadi wa Samsone: Qeka monna wa hao, hore a re hlalosetse selotho; ha ho se jwalo, re tla o tjhesa, wena le ntlo ya ntatao. Hleka le re bileditse kwano hore le re tlatlape tsa rona, kapa ha ho jwalo na?


Ha isaisa, a rata mosadi e mong, ya ahileng molapong wa Soreke, bitso la hae e le Delila.


Yaba Delila o re ho Samsone: Ako ntsebise hore na matla a hao a maholo a tswa kae, le kamoo o ka tlangwang kateng, hore o tle o kokobetswe.


A re ho mmae: Dishekele tsa silefera tse sekete se nang le lekgolo, tse utswitsweng ho wena, tseo o kileng wa rohaka ka baka la tsona, wa di bolela ke le teng, bona, tjhelete tseo di ho nna; ke nna ke neng ke di nkile. Mmae a re ho yena: Mora ka a ke a hlohonolofatswe ke Jehova!


Ke marena a mahlano a Bafilesta, le Bakanana kaofela, le Basidone, le Baheve ba ahileng thabeng ya Lebanone, ho tloha thabeng ya Baale-Hermone ho isa makgalong a Hamathe.


Ebile Akishe o bitsa Davida, a re ho yena: Ka Jehova ya utlwang, o bile motho ya lokileng; ke rata ha ke o bona o kena le ho tswa le nna diahelong, hobane ha ke eso ho fihlele molato ho wena, haesale o etla ho nna, ho fihlela la kajeno; empa marena ha a o rate.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ