Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 16:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Samsone a re: A nke ke shwe le Bafilesta! Yaba o inamoloha ka matla a hae kaofela, mme ntlo ya wela hodima marena le hodima batho bohle ba neng ba le teng; ba bolailweng ke yena ho shweng ha hae ba eba bangata ho ba neng ba bolailwe ke yena ho pheleng ha hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

30 Yaba Samosone o re: “A nke ke shwe, mmoho le Bafilesita!” A hofola ka matla a hae wohle, mme ntlo ya wela hodima mahosana, le hodima setjhaba sohle se neng se le kahara yona. Bao a ileng a ba bolaya ha a eshwa ba ne ba feta bao a ileng a ba bolaya ha a sa ntsane a phela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 16:30
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla bea hloyano mahareng a hao le mosadi, le mahareng a peo ya hao le peo ya hae; peo eo e tla o kgoba hlooho, mme o tla e loma serethe.


thabo ya molotsana e fela kapele, le ho nyakalla ha ya kgopo e le ha motsotso o le mong feela?


Tshenyeho na hase ya mosenyi na? le tahleho na ha ya beelwa ba sebetsang bokgopo na?


Le tla phehella ho isa kae ho rusolla motho, ha le tla mo dikanela kaofela, jwalokaha ho dikanelwa lerako le sekameng le motero o heletswang?


Hobane motho ha a tsebe nako ya hae, jwalokaha a se tsejwe le ke dihlapi tse tshwaswang ke letlowa le di bolayang, le ke dinonyana tse pitlwang difing; bana ba batho ba ye ba tshwaswe jwaloka tsona nakong ya tlokotsi, ha e ba wela ka sehloho.


Hobane e mong le e mong ya ratang ho boloka bophelo ba hae, o tla timellwa ke jona; empa e mong le e mong ya timellwang ke bophelo ba hae ka baka la ka, o tla bo fumana.


Empa ha ke re letho ka tsona, le bophelo ba kaha ke bo hlokomele, ke re, ke mpe ke qete leeto la ka ka thabo, le tshebetso eo ke e laetsweng ke Morena Jesu, e leng ho tiisa Evangeli ya mohau wa Modimo.


Pauluse a mpa a araba, a re: Le etsang ha le lla jwalo, le ho tepeletsa pelo ya ka? Athe ke itokiseditse, e seng ho tlangwa feela, empa e le le ho shwela lebitso la Morena Jesu Jerusalema.


Ekasita leha madi a ka a ka tshelwa sehlabelong le kananelong ya tumelo ya lona, teng nka thaba, ka thaba le lona bohle.


Hobane o kile a atamela lefu ka baka la mosebetsi wa Kreste, a tedile ho phela ha hae, a tle a tlatse tseo le neng le sitwa ho nketsetsa tsona.


Mme ha a hlahile a le jwaloka motho, o ikokobeditse, a iketsa ya utlwang ho isa lefung, e, le lefung la sefapano.


Wa hlobodisa le marena le mebuso, wa e pepesa pontsheng ha Jesu a se a o hlotse sefapanong seo.


Le tswe le tseba hantlentle le lona hoba letsatsi la Morena le tla hlaha jwaloka leshodu la bosiu.


Yaba moya wa Jehova o a mo tlela ka matla; a theohela Ashkelone, a bolaela teng banna ba mashome a mararo; a ya le ntho tsa bona, mme a nea ba hlalositseng selotho sa hae diaparo tsa bona. A tlala bohale, mme a kgutlela tlung ya ntatae.


A bona mohlahare o motala wa esele, a isa letsoho, a o tshwara, mme a bolaya batho ba sekete ka wona.


A ba bolaya serope le letheka, ya eba polao e kgolo; a ntoo theoha teng, a ya dula lefarung la lefika la Etame.


Yaba Samsone o tshwara tshiya tse pedi tse hare tse tshetlamisitseng ntlo, a itshetlehile ho e nngwe ka letsoho le letona, le ho e nngwe ka le letshehadi.


Yaba banababo le bohle ba ntlo ya ntatae ba theoha ba mo tlosa, ba mo nka, mme ba mo pata lebitleng la Manowa ntatae, mahareng a Tsorea le Eshthaole. O ne a ahloletse Iseraele ka dilemo tse mashome a mabedi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ