Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 16:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Dipelo tsa bona ha di thabile, ba re: Samsone a ke a latwe, a tle a re bapadise. Samsone a latwa teronkong, a tla, a bapala pela bona. Ba ne ba mo emisitse phakeng tsa ditshiya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

25 Yare ha ba se ba nyakaletse ba re: “Tlisang Samosone, a tlo re bapalla.” Ba tlisa Samosone a etswa tjhankaneng, mme a bapalla moo ba ntseng ba mo shebile. Ba mmea pakeng tsa ditshiya tse pedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 16:25
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale, Absalome a laela bahlanka ba hae, a re: Le ke le bone pelo ya Amnone ha e thabile ke veine; etlere ha ke re ho lona: Bolayang Amnone, le ke le mmolaye; le se ke la tshaba; ha ke re, ke nna ke le laelang? Itiiseng, le etse ka senna.


Ben-Hadade ha a utlwa lentswe leo, a le ditenteng, a enwa le marena, a re ho bahlanka ba hae: Itokiseng. Mme ba itokisetsa ho lwantsha motse.


Ka tsatsi la bosupa, eitse ha pelo ya morena e thabile ke veine, a laela Mehumane, le Bistha, le Karbona, le Bigtha, le Abagtha, le Sethare, le Karkase, e leng matona a supileng a emang pela morena Assueruse ho mo sebeletsa,


Yaba dititimi di tloha, di potlakiswa ke taelo ya morena. Taelo ya tumiswa le Susane, motse wa moreneng. Mme morena le Hamane ba nna ba dula ba enwa, motse wa Susane wona o tletse maswabi.


Ke entswe sesomo sa ba dutseng kgorong, matahwa a mpina ka dipina.


Hobane ba hlorisa eo o mo otlileng, ba rata ho bolela mahloko a bao o ba hlabileng.


Empa, bonang, ke thabo le menyaka, ho hlajwa dikgomo, ho hlajwa dinku, ho jewa dinama, ho nowa veine; ho thwe: A re jeng, a re nweng, hobane hosasane re se re ya shwa.


Ba loha mofapahlooho wa meutlwa, ba mo rwesa wona hloohong; ba mo tshwarisa leqala letsohong la hae le letona, mme ba kgumama ka mangwele pela hae, ba mo soma, ba re: Dumela, morena wa Bajuda!


Ba bang ba tshwenyehile ka ditshomo, le ka ho shapuwa, le ka ditlamo, le ka diteronko.


Setjhaba ha se mmona, sa rorisa modimo wa sona, sa re: Modimo wa rona o neetse matsohong a rona sera sa rona, se neng se re senyetsa lefatshe le heso, se atisitseng palo ya ba heso ba bolailweng.


Samsone a re ho mohlankana ya mo tshwereng ka letsoho: Ntesele, ke tle ke tsebe ho ama ditshiya tse tshetlamisang ntlo, ke tle ke itshetlehe ka tsona.


Yaba pelo ya moprista e a thaba; a nka efoda, le diterafime, le setshwantsho se betlilweng, a tla a ema hara batho bao.


Kahoo, ba dula, ba eja, ba enwa ba babedi hammoho, ntata morwetsana a ntoo re ho monna: Dumela ho dula kwano le bosiu bona, pelo ya hao e tle e thabe.


Yaba monna o a ema, a re o a tsamaya, e le yena le serethe sa hae, le mohlanka wa hae; empa mohwehadi wa hae, ntata morwetsana, a re ho yena: Bona, letsatsi le se le ile; ho se ho tla phirima; robalang kwano le bosiu bona; bona, letsatsi le a dikela, robala kwano bosiu bona, mme pelo ya hao e ke e thabe. Hosasane, le tla tsohela leeto la lona e sa le ka meso, o ikele ha eno.


Ba tswela naheng, ba kotula masimo a bona a merara, ba hata ditholwana tsa yona, ba etsa dinyehelo; ba kena tlung ya modimo wa bona, ba eja, ba enwa, mme ba rohaka Abimeleke.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ