Baahlodi 16:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)24 Setjhaba ha se mmona, sa rorisa modimo wa sona, sa re: Modimo wa rona o neetse matsohong a rona sera sa rona, se neng se re senyetsa lefatshe le heso, se atisitseng palo ya ba heso ba bolailweng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE24 Ha setjhaba se bona Samosone sa boka modimo wa sona, sa re: “Modimo wa rona o neelane ka sera sa rona matsohong a rona, e leng mosenyi wa naha ya rona, ya ileng a bolaya batho ba rona ba bangata.” အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
o ikgantsheditse Monghadi wa lehodimo, mehope ya ntlo ya hae e tlisitswe pela hao, mme wena, le mahosana a hao, le basadi ba hao, le dinyatsi tsa hao, le nwetse veine mehopeng eo, wa ba wa roka medimo ya silefera, le ya kgauta, le ya koporo, le ya tshepe, le ya mahong, le ya majwe, e sa boneng, e sa utlweng, e sa tsebeng letho, mme Modimo o fuparetseng phefumoloho ya hao letsohong la wona, o busang tsohle tse tla o hlahela, ha o a ka wa o hlonepha.