Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 16:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 A re ho yena: Samsone Bafilesta ke bao hodima hao. Yaba o tsoha borokong ba hae, a re: Ke tla phonyoha jwaloka mehla, ke inamolele matsohong a bona; athe ha a tsebe hobane Jehova o mo furaletse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Delila a howa, a re: “Samosone, Bafilesita ke bao!” Samosone a phaphama borokong, a re: “Ke tla phonyoha jwaloka kamehla, mme ke tla itokolla.” Empa o ne a sa tsebe hore Morena o mo furaletse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 16:20
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

a tswela ho ya kgahlanyetsa Asa, a re ho yena: Asa, le lona Bajuda bohle le Benjamine, mmameleng. Jehova o na le lona mohla lona le nang le yena. Ha le ka nna la mmatla, o tla nne a fumanwe ke lona: mme ha le ka mo furalla, o tla le furalla le yena.


Ke mang ya neetseng Jakobo ho hapelwa, ya lokolletseng Iseraele matsohong a basenyi? Na hase Jehova eo re mo sitetsweng, eo ba hanneng ho tsamaya ka tsela tsa hae, le ho utlwa molao wa hae na?


Baditjhaba ba jele matla a hae, empa yena ha a ka a lemoha. O medile moriri o moputswa, empa ha a tsebe.


Feela, le se ke la ikgantshetsa Jehova; mme le se ke la tshaba batho ba naha eo, hobane re tla ba qeta; leswiti le se le tlohile hodima bona, kanthe Jehova o na le rona; le se ke la ba tshaba.


Ke se ke mo hlahisitse ho barutuwa ba hao, empa ha ba ka ba tseba ho mo fodisa.


Jesu a re ho bona: Ke ka baka la ho se dumele ha lona; hobane kannete ke re ho lona: Hoja le na le tumelo e ka ka hlaku ya mosetareta, leha le be le ka re ho thaba ena: Fallela mane; e ka fallela teng, mme ho ka be ho se letho le le sitang.


E seng hore re ka tseba ho lekanya letho re nnotshi, jwaloka hoja le itswela ho rona; matla a rona a mpa a tswa ho Modimo;


Motho a le mong o ne a tla phallela ba sekete jwang, mme ba babedi ba ne ba tla lelekisa ba dikete tse leshome jwang, hojane Lefika la bona le sa ka la rekisa ka bona, le hojane Jehova a sa ka a ba lahla?


Ke kahoo bana ba Iseraele ba sitwang ho ema pela dira tsa bona, ba baleha pela dira tsa bona, ke hobane ba fetohile ba entsweng anathema. Nke ke ka hlola ke eba le lona, ha le sa fedise anathema e hara lona.


a re ho yena: Samsone, Bafilesta ke bao hodima hao. A mpa a tsoha borokong ba hae, a pshemola sethakgisa molohong hammoho le kgole.


Eitse hobane Delila a mo robatse mangoleng a hae, a bitsa motho, mme a beola thapo tse supileng tsa moriri wa hlooho ya hae, mme a qala ho mo fokodisa, mme matla a hae a hla a mo tlohela.


Yaba Bafilesta ba mo tshwara, ba mo honya mahlo, mme ba mo theosetsa Gasa; ba mo tlama teng ka mahlaahlela a mabedi a koporo, mme a nna a soka tshilo ya lelwala teronkong.


Haele Samsone, a robala ha ba ha eba bosiu bo boholo; bosiu bo boholo a tsoha, a tshwara mamati a monyako wa motse le difate tsa wona tse pedi, a di pshemola hammoho le mekwallo ya tsona, a di jara ka mahetla, mme a di isa hlorong ya thaba e maloka le Hebrone.


Banna ba ne ba mo laletse kamoreng e kahare. Yaba Delila o re ho yena: Samsone, Bafilesta ke bao hodima hao. Yaba o kgaola dikgole jwalokaha ho kgaolwa tshwele ya matakwane, ha e atametswa pela mollo. Ka mokgwa o jwalo, matla a hae ha a ka a tsejwa moo a tswang teng.


Jwale, moya wa Jehova wa tloha ho Saule, mme moya o mobe o tswang ho Jehova, wa mo ferekanya.


Hosasane, moya o mobe o tswang ho Modimo wa tshwara Saule; a bua ka bohlanya a le ka tlung, mme Davida a letsa ka letsoho la hae, jwaloka mehla, Saule a tshwere lerumo letsohong la hae.


Yaba Saule o tshaba Davida ha a bona hobane Jehova o ho yena, athe yena o mo furaletse.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ