Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 16:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ba Gasa ba utlwa ho thwe: Samsone o tlile kwano. Yaba ba mo teela hare, ba mo lalla bosiu bohle kgorong ya motse; ba kgutsa bosiu bohle, ba re: Hosasane, ha bo esa, re tla mmolaya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Ha tsebiswa baahi ba Gasa, ha thwe: “Samosone o tlile kwano.” Ba etsetsa ntlo eo a leng ka ho yona sakanalankope, mme ba mo lalla bosiu bohle kgorong ya motse. Ba kgutsa bosiu bohle, ba re: “Re tla mo emela ho fihlela bosiu bo esa, ebe re a mmolaya.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 16:2
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa balemi, ha ba bona mora hae, ba bolellana, ba re: Enwa ke mojalefa; tloong, re mmolayeng, re tle re inkele lefa la hae.


Yare kameso, baprista bohle ba baholo le baholo ba setjhaba ba rera Jesu ho mmolaya.


Etlare ha le bona Jerusalema o teetswe hare ke makgotla a dira, le tsebe hoba tshenyeho ya wona e se e atametse.


Jwale he, lona le lekgotla, le tsebise molaodi wa sekete hore a tle a mo romele ho lona hosasane, ho be jwaloka hoja le rata ho botsisisa ditaba tsa hae; haele rona, re tla be re setse re itokiseditse ho mmolaya a eso ho fihle.


empa Saule a tsebiswa morero wa bona. Ba ne ba lebela menyako ya motse, motshehare le bosiu, hore ba tle ba mmolaye;


A nyorwa haholo, mme a howeletsa ho Jehova, a re: Ha o etseditse mohlanka wa hao thuso e kalo, ho tla ba jwang leha nka shwa jwale ke lenyora, ka wela matsohong a maqai?


Haele Samsone, a robala ha ba ha eba bosiu bo boholo; bosiu bo boholo a tsoha, a tshwara mamati a monyako wa motse le difate tsa wona tse pedi, a di pshemola hammoho le mekwallo ya tsona, a di jara ka mahetla, mme a di isa hlorong ya thaba e maloka le Hebrone.


Ebile Saule o romela manqosa tlung ya Davida, ho mo lalla, le ho mmolaya ka meso; empa mosadi wa hae, Mikale, a tsebisa Davida, a re: Ha o sa balehe bosiu, ka meso o tla bolawa.


Saule o ba a tsamaya lehlakoreng le ka kwano ho thaba, Davida yena le banna ba hae ba tsamaya lehlakoreng le ka nqane ho thaba. Davida a baleha pela Saule, a tshaba, kahobane Saule le banna ba hae ba ne ba se ba ya teela Davida le banna ba hae hare, ba ba tshware.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ