Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 16:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Jwale, Delila ha a bona hobane o mmoleletse tsohle tse ka pelong ya hae, a romela ho bitsa marena a Bafilesta, a re: Nyolohang kajeno, hobane o mpoleletse tsohle tse ka pelong ya hae. Kahoo, marena a Bafilesta a nyolohela ho yena, a nkile ditjhelete ka matsoho a bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Ha Delila a bona hore o mmoleletse nnete yohle, a romela maqosa ho bitsa mahosana a Bafilesita, a re: “Kajeno tloong, hobane o mpoleletse nnete.” Jwale mahosana a Bafilesita a tla ho yena, a nkile tjhelete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 16:18
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Akabe a re ho Elia: Hleka o mphumane, wena o leng sera ho nna na? Elia a re: Ke o fumane, hobane o ineetse ho etsa ho leng hobe mahlong a Jehova.


Bana ba batho ke lefeelafeela, le bara ba batho ke leshano feela; ha le ka ba bea sekaleng, ba ka phahama feela; kaofela hammoho ke lefeela.


Dipolelo tsa mosebi di jwaloka dijo tse hlabosang, mme di kena ka mpeng kahare.


Baholo ba Moabe le baholo ba Midiane ba tloha, ba nketse senohe dimpho. Ba fihla ho Balaame, bo mo phetela mantswe a Balake.


a re: Le tla nneang, ke tle ke le neele yena? Mme ba mmalla ditjhelete tsa silefera tsa mashome a mararo.


Hobane le a tseba hore mofebi, leha a le mong, le ya ditshila, le ya ratang leruo, e leng motho ya sebeletsang medimo ya bohata, ha ba na kabelo mmusong wa Kreste le Modimo.


Hobane lerato la leruo ke motso wa dibe tsohle; ba bang ka ho le lakatsa ba kgelohile tumelo, mme ba itlhabile ka mahlomola a mangata.


Yaba o mmolella tsohle tse ka pelong ya hae, a re ho yena: Lehare ha le eso ho ka le mpeola hlooho, hobane ke monasari wa Modimo, haesale popelong ya mme; ha nka beolwa, ke hona matla a ka a ka ntlohelang, mme nka fokola, ka ba jwaloka batho ba bang.


Eitse hobane Delila a mo robatse mangoleng a hae, a bitsa motho, mme a beola thapo tse supileng tsa moriri wa hlooho ya hae, mme a qala ho mo fokodisa, mme matla a hae a hla a mo tlohela.


Marena a Bafilesta a nyolohela ho yena, a re ho yena: Mo qeke, o be o tsebe hore na matla a hae a maholo a tswa kae, le kamoo re ka tsebang ho mo hlola kateng, re tle re mo tlame, re mo kokobetse; e mong le e mong wa rona re tla o nea dishekele tsa silefera tse sekete se nang le lekgolo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ