Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 16:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Yaba o mmolella tsohle tse ka pelong ya hae, a re ho yena: Lehare ha le eso ho ka le mpeola hlooho, hobane ke monasari wa Modimo, haesale popelong ya mme; ha nka beolwa, ke hona matla a ka a ka ntlohelang, mme nka fokola, ka ba jwaloka batho ba bang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Qetellong a mmolella nnete, a re ho yena: “Hlooho ya ka ha e eso ka e beolwa, hobane haesale ke le mokgethwa wa Modimo ho tloha popelong ya mme. Haeba nka beolwa, matla ana a ka a tla fela, ke fokole, ke be jwaloka monna e mong le e mong.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 16:17
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ya masene o ipolokela tsebo; empa pelo tsa mawatla di tumisa bohlanya ba wona.


Ya itebelang molomo o boloka moya wa hae; empa ya ntseng a bua haholo o tla wela timelong.


Ha morena a ka mamela mashano, bahlanka ba hae bohle ba tla ba babe.


Se tshepeng molekane, se ithetseng ka motswalle; lebela menyako ya molomo wa hao pela ya robetseng sefubeng sa hao;


Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: Ha monna, kapa mosadi, a ikgethetse ho ineela Jehova ka kano ya bonasari,


Ka ditshiu tsohle tsa bonasari ba hae, lehare le se ke la feta hloohong ya hae; o tla kgetheha ho isa qetellong ya ditshiu tseo a ikgethetseng Jehova ka tsona, o tla lesela moriri wa hlooho ya hae ho hola.


Pauluse a boela a hlola teng matsatsi a mangata, a ntoo dumedisa baena, a ya Siria ka sekepe, a ena le Priscila le Akila, a ikutisitse hlooho Kenkrea, kahobane a ne a itlamile ka kano.


Hobane, bona, o tla emara, o tswale moshanyana; lehare le ke ke la mmeola hlooho, hobane ngwana e tla ba monasari wa Modimo, a sa le popelong ya mmae: ke yena ya tla qala ho namolela Iseraele matsohong a Bafilesta.


Yare ha a ntse a mo tshwenya ka dipolelo tsa hae ka matsatsi wohle, a ntse a mo hlodiya, pelo ya Samsone ya kgathala le ho isa lefung.


Jwale, Delila ha a bona hobane o mmoleletse tsohle tse ka pelong ya hae, a romela ho bitsa marena a Bafilesta, a re: Nyolohang kajeno, hobane o mpoleletse tsohle tse ka pelong ya hae. Kahoo, marena a Bafilesta a nyolohela ho yena, a nkile ditjhelete ka matsoho a bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ