Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 16:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Yare ha a ntse a mo tshwenya ka dipolelo tsa hae ka matsatsi wohle, a ntse a mo hlodiya, pelo ya Samsone ya kgathala le ho isa lefung.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 Ka tsatsi le leng le le leng a nna a pheella ho mmotsa, mme a mo qophella. Samosone a fela pelo hoo e neng eka o tla shwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 16:16
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Na le re, ke itlaleha ho batho na? Ebe e tla ba keng ha ke sa fele pelo?


Empa Modimo wa re ho Jonase: A o etsa hantle, ha o hlonamile ka baka la monyaku na? Yena a re: Ke etsa hantle ha ke hlonamile, le ho isa ho shweng.


A re ho bona: Hona ke madi a ka, a selekane se setjha, a tshollelwang ba bangata.


ke re ho lona: Leha a ne a ke ke a tsoha ho mo fa kahobane ke motswalle wa hae, o tla tsoha, a mo fe hohle hoo a ho hlokang ka baka la phehello ya hae.


leha ho le jwalo, kahobane mohlolohadi eo o a nkgathatsa, ke tla mo ahlolela, a tle a se ke a nngamola hlooho ka ho nna a etla kamehla.


Mosadi wa Samsone a nna a lla pela hae, a re: O fela o ntlhoile, ha o nthate hle; o beetse bana ba setjhaba sa heso selotho, mme ha o a ka wa ntlhalosetsa sona. A re ho yena: Bona, ha esita ntate le mme ke sa ka ka ba hlalosetsa sona, nka o hlalosetsa sona ka mokgwa o jwang na?


Empa mosadi a nna a lla pela hae ka matsatsi a supileng a mokete wa bona, jwale ka la bosupa a mo hlalosetsa selotho, ka ho kgathatswa ke yena; mme eo a hlalosetsa bana ba setjhaba sa habo selotho.


Delila a re ho yena: O ka bolela jwang hore o a nthata, athe pelo ya hao ha e ho nna? Bona, e se e le la boraro o ntshomileng, mme ha o eso ho mpolelle moo matla a maholo a hao a tswang teng.


Yaba o mmolella tsohle tse ka pelong ya hae, a re ho yena: Lehare ha le eso ho ka le mpeola hlooho, hobane ke monasari wa Modimo, haesale popelong ya mme; ha nka beolwa, ke hona matla a ka a ka ntlohelang, mme nka fokola, ka ba jwaloka batho ba bang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ