Eitse ha a fihla Lehi, Bafilesta ba duduetsa, ha ba tla mo kgahlanyetsa. Yaba moya wa Jehova o mo tlela ka matla, mehala e tlamileng matsoho a hae ya ba ya fetoha ntho e kang lene e tjheleng, mme ditlamo tsa hae tsa lokoloha matsohong a hae.
Yaba Modimo o petsola lefika le sekoti la Lehi, metsi a ba a tswa ho lona; a nwa, mme pelo ya hae ya boela bodulong, a thuseha. Ka baka leo, ho reilwe lebitso la teng Ene-Hakkore (sediba sa ya howeletsang); sediba seo se sa le teng Lehi le kajeno.