Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 15:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Yaba Bafilesta ba botsa, ba re: Hoo ho entswe ke mang na? Ha thwe: Ke Samsone, mokgwenyana wa monna wa Thimna, hobane o mo amohile mosadi wa hae, a mo nea moetsana wa hae. Yaba Bafilesta ba nyoloha, ba tjhese mosadi eo le ntatae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Yaba Bafilesita ba re: “Ke mang ya entseng hoo?” Batho ba re: “Ke Samosone, mokgwenyana wa monna ya ahileng Timina, hobane monna eo o nkile mosadi wa Samosone a mo nea molekane wa Samosone.” Bafilesita ba nyoloha, ba tjhesa mosadi eo le ntatae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 15:6
6 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ya jalang bokgopo o tla kotula matshwenyeho, mme thupa ya kgalefo ya hae e tla fela.


Hape, motho a se ke a hata ngwanabo, leha e le ho mo senyetsa tabeng leha e le nngwe; hobane Morena ke mophethetsi wa ntho tsohle tse jwalo, jwalokaha re se re kile ra le bolella pele ka komelo e tiileng.


Yaba banna ba Efraime ba phutheha, ba fetela nqa leboya, ba tla, ba re ho Jafeta: Mohla o neng o futuhela bana ba Ammone, ha o a ka wa re bitsa keng, hore re ye le wena? Jwale, re tla o tjheselletsa tlung ya hao.


Eitse ka la bosupa, ba re ho mosadi wa Samsone: Qeka monna wa hao, hore a re hlalosetse selotho; ha ho se jwalo, re tla o tjhesa, wena le ntlo ya ntatao. Hleka le re bileditse kwano hore le re tlatlape tsa rona, kapa ha ho jwalo na?


A hotetsa dirumula, mme a nehela diphokojwe dikorong tsa Bafilesta, mme a tjhesa diqubu tsa mangata le koro tse sa emeng, le masimo a mehlwaare.


Samsone a re ho bona: Leha le entse jwalo, ke tla boela ke iphetetse ho lona, ke ntano tlohela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ