Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 15:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Yaba Modimo o petsola lefika le sekoti la Lehi, metsi a ba a tswa ho lona; a nwa, mme pelo ya hae ya boela bodulong, a thuseha. Ka baka leo, ho reilwe lebitso la teng Ene-Hakkore (sediba sa ya howeletsang); sediba seo se sa le teng Lehi le kajeno.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Yaba Modimo o phunya mokoti hona moo Lehi, mme metsi a kolla ho wona. Samosone a nwa, moya wa kgutlela ho yena, mme a kgatholoha. Ka baka leo, a rea sebaka seo lebitso la Sediba sa Moipiletsi, se ntseng se le hona moo Lehi ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 15:19
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba o rea Jehova ya buileng le yena lebitso la Atta-Ele-roi (Wena, Modimo, o a mpona), hobane a re: Kanthe le mona ke bone ke se ke bonwe.


A rea nqalo eo lebitso la Bethele (ntlo ya Modimo); hobane pele, lebitso la motse oo e ne e le Luse.


Hobane o ne o na le ntho di se kae, ha ke eso ho tle, empa jwale, di atile haholo, mme Jehova o o file lehlohonolo haesale ke etla; mme jwale, ntlo ya ka yona ke tla e sebeletsa neneng?


Yaba ba mo phetela mantswe wohle a Josefa, ao a ba boleletseng wona; eitse ha a bona makoloi a rometsweng ke Josefa ho mo lata, pelo ya Jakobo, ntata bona, ya boela ya hlaphoha.


Ha a ntse a eya, o tla nwa molatswaneng, a ntoo lelatsa hlooho.


Matswalong a ka ke phahamisetsa mehoo ya ka ho Jehova, mme o a nkaraba.


Mohlomohi ha a rapela, Jehova o a utlwa; o mo pholosa mahlomoleng a hae kaofela.


O ntoo bitsa ho nna ka letsatsi la matswalo; ke tla o namolela, mme o tla nkgodisa!


Moshe a aha aletare, a e rea lebitso la Jehova-nissi (Jehova ke folaga ya ka).


Lelalang hodimo, le tadime! Ya entseng ntho tseo ke mang? O tsamaisa makgotla a tsona ka lenaneo, o di thonya kaofela ka mabitso a tsona ka matla a hae a maholo, matla a hae a sa sitweng ke letho; ha ho le e nngwe ho tsona e hlokahalang.


O fa ya kgathetseng matla, o atisa matla ho ya fokotseng.


Hobane ke tla tshela lefatshe le nyorilweng ka metsi, melapo e phalle lefatsheng le omeletseng; ke tla tshollela moya wa ka hodima leloko la hao, le hlohonolofatso ya ka hodima mahlomela a hao,


Moshe a re: Mamelang he, lona bahanyetsi! A hleka re tla le ntshetsa metsi lefikeng lena na? Moshe a ntoo emisa letsoho la hae, a otla lefika habedi ka lere la hae. Metsi a tswa a le mangata; batho ba enwa le tsona dintho tsa bona.


Yaba Bafilesta ba futuha, ba ya ba emisa naheng ya Juda, mme ba hasana Lehi.


Ba mo nea le thathana ya polokwe ya difeiye le masihla a mabedi a merara, a ja, a boela a tsoha matla; hobane e be e se e le matsatsi a mararo le masiu a mararo a se a sa je bohobe, a sa nwe metsi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ