Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 15:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Eitse ha a fihla Lehi, Bafilesta ba duduetsa, ha ba tla mo kgahlanyetsa. Yaba moya wa Jehova o mo tlela ka matla, mehala e tlamileng matsoho a hae ya ba ya fetoha ntho e kang lene e tjheleng, mme ditlamo tsa hae tsa lokoloha matsohong a hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Ha Samosone a fihla Lehi, Bafilesita ba tla ba howeletsa, ha ba kopana le yena. Moya wa Morena wa theohela ka matla hodima Samosone. Mehala e mo tlamileng matsohong ya ka dikgwele tsa lene tse tjhesitsweng ka mollo, mme tsa tlamoloha matsohong a hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 15:14
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

thabo ya molotsana e fela kapele, le ho nyakalla ha ya kgopo e le ha motsotso o le mong feela?


Leha di ka mpokanela, ruri, ka lebitso la Jehova, ke tla di qhalanya!


O ruta matsoho a ka ntwa, mme matsoho a ka a tjheba seqha sa koporo.


Faro o tla re ka bana ba Iseraele: Ba lahlehile hara naha, lefeella le ba thibetse.


Eitse ha ho tsebiswa morena wa Egepeta hore setjhaba se balehile, pelo ya Faro le dipelo tsa bahlanka ba hae tsa kweneha bakeng sa setjhaba, ba re: Re ne re etsang, ha re lokolla Iseraele mosebetsing wa rona?


O se ke wa thaba ka kotsi ya ka, wena o leng sera ho nna, hobane leha ke wele, ke tla boela ke eme; leha ke dutse lefifing, Jehova ho nna ke lesedi.


Yaba o mpolella, a re: Ke lentswe la Jehova ho Sorababele, le reng: Hase ka matla le ka borena, empa e le ka moya wa ka, ho bolela Jehova wa makgotla!


Le wena, molekanaka wa sebele jokong, ke a o rapela, ke re, o thuse basadi bao ba ntlatsitseng Evangeling, ba ena le Klemense, le bantshebedisi ba bang, bao mabitso a bona a ngodilweng bukeng ya bophelo.


Yaba moya wa Jehova o a mo tlela ka matla; a theohela Ashkelone, a bolaela teng banna ba mashome a mararo; a ya le ntho tsa bona, mme a nea ba hlalositseng selotho sa hae diaparo tsa bona. A tlala bohale, mme a kgutlela tlung ya ntatae.


Yaba moya wa Jehova o a mo tlela ka matla; a harola tau, jwalokaha ho harolwa potsanyane, a sa tshwara letho matsohong a hae; empa a se ke a tsebisa ntatae le mmae seo a se entseng.


Ba mo fetola, ba re: Tjhe, re tla mpe re o tlame, re o neele matsohong a bona; haele ho o bolaya, ha re ka ke ra o bolaya. Yaba ba mo tlama ka mehala e mmedi e metjha, ba mo tlosa lefikeng.


Yaba Bafilesta ba futuha, ba ya ba emisa naheng ya Juda, mme ba hasana Lehi.


Delila a nka mehala e metjha, a mo tlama ka yona, a ba a re ho yena: Samsone, Bafilesta ke bao hodima hao. Athe batho ba ne ba le teng ba mo laletse kamoreng e kahare. A mpa a kgaola mehala, ya wa matsohong a hae, jwaloka hoja ke tshwele.


Setjhaba ha se mmona, sa rorisa modimo wa sona, sa re: Modimo wa rona o neetse matsohong a rona sera sa rona, se neng se re senyetsa lefatshe le heso, se atisitseng palo ya ba heso ba bolailweng.


Banna ba ne ba mo laletse kamoreng e kahare. Yaba Delila o re ho yena: Samsone, Bafilesta ke bao hodima hao. Yaba o kgaola dikgole jwalokaha ho kgaolwa tshwele ya matakwane, ha e atametswa pela mollo. Ka mokgwa o jwalo, matla a hae ha a ka a tsejwa moo a tswang teng.


Moya wa Jehova wa eba ho yena; a ahlolela Iseraele, a lwana; mme Jehova a neela Kushane-Risheathaime, morena wa Mesopotamia, matsohong a hae. Letsoho la hae la hlola Kushane-Risheathaime.


a re: Ha ke re, ba hapile? Ha ke re, ba arolelana kgapo? Monna e mong le e mong o nka morwetsana e mong, kapa ba babedi. Kgapo ya masela a mebalabala ke ya Sisera, kgapo ya masela a mebalabala a lohilweng, masela a lohilweng a le mebalabala hohle, a ho kgabisa molala!


Eitse ha a fihla Gibea, a bona sehlopha sa baporofeta se mo kgahlanyetsa; yaba moya wa Modimo o a mo tshwara, a porofeta hara bona.


Le wena, moya wa Jehova o tla o tshwara, mme o tla porofeta le bona, o be o fetohe motho osele.


Yaba moya wa Modimo o tshwara Saule, ha a utlwa taba tseo, a halefa haholo;


ke ne ke tswa ho di phallela, le ho di bolaya, le ho namolela konyana hanong ho tsona; mme leha di ne di ntsohela matla, ke ne ke di tshwara ka ditlena tsa tsona, ke di bolaye, ke di timetse.


Areka ya selekane sa Jehova, ha e fihla diahelong, Baiseraele ba e hlabela ditlatse tse kgolo, lefatshe la ba la reketla.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ