Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 15:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Yaba banna ba Juda ba kete tse tharo ba theohela lefarung la lefika la Etame, ba re ho Samsone: Na ha o tsebe hobane Bafilesta ba re busa na? O re etseditseng jwalo? A re ho bona: Ke entse ka bona kamoo ba entseng ka nna kateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Yaba banna ba Juda ba dikete tse tharo ba theohela lehaheng le lefikeng la Etame, ba fihla ba re ho Samosone: “Na ha o tsebe hore re buswa ke Bafilesita? Jwale ntho ee, eo o re etseditseng yona, ke eng?” Samosone a re ho bona: “Ke ba entse seo ba nkentseng sona.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 15:11
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bao e leng ba Abi-Ethame ke Jisreele, Jishma, le Jidbashe; bitso la kgaitsedi ya bona ke Hatselelponi;


Ke tla kenya lerumo hara lona, le tlang ho pheteletsa selekane sa ka; etlare ha le bokane metseng ya lona, ke tla romela lefu la sewa hara lona, mme le tla neelwa matsohong a dira.


Jehova o tla o bea hlooho ya ditjhaba, e seng marao a tsona; o tla ba kahodimo kamehla, e seng katlase, ha o fela o utlwa ditaelo tsa Jehova, Modimo wa hao, tseo ke o laelang tsona kajeno, hore o di boloke, mme o etse ka tsona.


Baditjhaba ba ahileng haeno ba tla hola, ba o phahamele, haholoholo, mme wena o tla kokobela tlasetlase.


Yaba bana ba Iseraele ba boela ba etsa ho leng hobe pela Jehova, mme Jehova a ba neela matsohong a Bafilesta ka dilemo tse mashome a mane.


Haele ntatae le mmae, ba ne ba sa tsebe hobane taba eo e tswa ho Jehova; athe Samsone o ne a batla sebaka sa ho lwantsha Bafilesta; hobane mohlang oo, Bafilesta ba ne ba busa Baiseraele.


Banna ba Juda ba tla, ba re: Le re futuheletseng na? Ba re: Re tlile ho tlama Samsone, re tle re etse ka yena jwalokaha a entse ka rona.


Ba re ho yena: Re theohetse kwano re tle re o tlame, re o neele matsohong a Bafilesta. Samsone a re: Ntlhapanyetseng hore le ke se ke la ntsohela matla e le lona!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ