Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 14:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Yaba moya wa Jehova o a mo tlela ka matla; a harola tau, jwalokaha ho harolwa potsanyane, a sa tshwara letho matsohong a hae; empa a se ke a tsebisa ntatae le mmae seo a se entseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Moya wa Morena wa theohela hodima hae ka matla, mme a tamolla tawana eo jwalokaha motho a ka tamolla potsanyane. O ne a sa nka letho matsohong a hae. Empa ha a ka a bolella batswadi ba hae seo a se entseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 14:6
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tla hata tau le qowane, o hatakele tawana le noha.


A ke ke a howa, a ke ke a phahamisa lentswe, a ke ke a le utlwahatsa diterateng.


Yaba o mpolella, a re: Ke lentswe la Jehova ho Sorababele, le reng: Hase ka matla le ka borena, empa e le ka moya wa ka, ho bolela Jehova wa makgotla!


Inkeleng joko ya ka, mme le ithute ho nna; hobane ke mosa le pelo e nolo, mme le tla fumanela meya ya lona phomolo.


Bao bohle ka tumelo ba hlotse marena, ba sebeditse ho loka, ba ruile dipallo, ba thibile melomo ya ditau;


ya etsang sebe ke wa Diabolose; hobane Diabolose o etsa sebe esale ho qaleng. Lebaka leo Mora Modimo a hlahileng ka lona, ke hore a fedise mesebetsi ya Diabolose.


Yaba moya wa Jehova o tlela Jafeta, a ba a haola ka Gileade le Manasse, a feta le Mitspe wa Gileade; ha a tloha Mitspe wa Gileade, a fetela ho bana ba Ammone.


Moya wa Jehova wa qala ho mo sisinya, a le Mahane-Dane, mahareng a Tsorea le Eshthaole.


Yaba moya wa Jehova o a mo tlela ka matla; a theohela Ashkelone, a bolaela teng banna ba mashome a mararo; a ya le ntho tsa bona, mme a nea ba hlalositseng selotho sa hae diaparo tsa bona. A tlala bohale, mme a kgutlela tlung ya ntatae.


Ha ho le jwalo, Samsone a theohela Thimna, a ena le ntatae le mmae; ba re ba sa fihla masimong a merara a Thimna, bonang, tawana ya teana le yena e puruma.


A ba a theoha, a bua le mosadi, mme Samsone a kgahlwa ke yena.


A bona mohlahare o motala wa esele, a isa letsoho, a o tshwara, mme a bolaya batho ba sekete ka wona.


A ba bolaya serope le letheka, ya eba polao e kgolo; a ntoo theoha teng, a ya dula lefarung la lefika la Etame.


Samsone a re: A nke ke shwe le Bafilesta! Yaba o inamoloha ka matla a hae kaofela, mme ntlo ya wela hodima marena le hodima batho bohle ba neng ba le teng; ba bolailweng ke yena ho shweng ha hae ba eba bangata ho ba neng ba bolailwe ke yena ho pheleng ha hae.


Moya wa Jehova wa eba ho yena; a ahlolela Iseraele, a lwana; mme Jehova a neela Kushane-Risheathaime, morena wa Mesopotamia, matsohong a hae. Letsoho la hae la hlola Kushane-Risheathaime.


Saule a re ho rangwanae: O hlile o re tsebisitse hore diesele di bonwe. Haele taba ya borena, a se ke a mo tsebisa kamoo e kileng ya buwa kateng ke Samuele.


Le wena, moya wa Jehova o tla o tshwara, mme o tla porofeta le bona, o be o fetohe motho osele.


Yaba moya wa Modimo o tshwara Saule, ha a utlwa taba tseo, a halefa haholo;


Ka tsatsi le leng, Jonathane, mora Saule, a re ho mohlankana ya jereng dibetsa tsa hae: A re ye, re fetele ho ba qhobosheaneng ya Bafilesta, e leng mose wane, maloka le mona. A mpa a se ke a tsebisa ntatae.


Kajeno, Jehova o tla o neela matsohong a ka; ke tla o bolaya, ke o pome hlooho, ke nee kajeno lena dinonyana tsa lehodimo le dibatana tsa naha ditopo tsa makgotla a Bafilesta, mme lefatshe lohle le tla tseba hobane Modimo o teng Iseraeleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ