Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 14:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ha ho le jwalo, Samsone a theohela Thimna, a ena le ntatae le mmae; ba re ba sa fihla masimong a merara a Thimna, bonang, tawana ya teana le yena e puruma.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Jwale Samosone a theohela Timina a ena le batswadi ba hae. Ha ba fihla masimong a morara a Timina, tawana ya purumela Samosone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 14:5
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

E mong ke Benaia, mora Jehojada, mora mohale e mong wa Kabtseele; a ba moholo ka diketso tsa hae. A bolaya tau tse pedi tse matla tsa Moabe; a boela a theoha, a bolaya tau e nngwe lemeneng, mohla lehlwa le kgethehang.


E mong ke Benaia, mora Jehojada, mora monna wa senatla wa Kabsteele, ya neng a entse diketso tse kgolo. A bolaya tau tse pedi tsa Moabe; hape, ke yena ya neng a theohe, a ya bolaya tau ka lemeneng, e le mohla lehlwa le kgethehang.


O tla hata tau le qowane, o hatakele tawana le noha.


Ditawana di a mo purumela, di dumisa mantswe a tsona, di fetola lefatshe la hae tshenyeho feela; metse ya hae e tjhesitswe, e hlokile moahi.


Bao bohle ka tumelo ba hlotse marena, ba sebeditse ho loka, ba ruile dipallo, ba thibile melomo ya ditau;


Moedi hape o pota ho tloha Baala, nqa bophirimela, ho isa thabeng ya Seire, o fetele pele mothating wa thaba ya Jearime, e leng Kesalone, nqa leboya, mme o theosetse Bethe-Shemeshe, o ntoo feta ka Thimna.


Le tsohe masene, le fadimehe; hobane Diabolose, e leng sera sa lona, o ntse a dikadika jwaloka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang.


Haele ntatae le mmae, ba ne ba sa tsebe hobane taba eo e tswa ho Jehova; athe Samsone o ne a batla sebaka sa ho lwantsha Bafilesta; hobane mohlang oo, Bafilesta ba ne ba busa Baiseraele.


Yaba moya wa Jehova o a mo tlela ka matla; a harola tau, jwalokaha ho harolwa potsanyane, a sa tshwara letho matsohong a hae; empa a se ke a tsebisa ntatae le mmae seo a se entseng.


ke ne ke tswa ho di phallela, le ho di bolaya, le ho namolela konyana hanong ho tsona; mme leha di ne di ntsohela matla, ke ne ke di tshwara ka ditlena tsa tsona, ke di bolaye, ke di timetse.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ