Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 14:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ntatae le mmae ba re ho yena: Na ha ho mosadi hara baradi ba banabeno le setjhabeng sa heso kaofela, haele moo o re, o rata ho inkela mosadi hara Bafilesta, bao ba maqai? Samsone a re ho ntatae: Nnkeleng yena, hobane o a nkgahla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Batswadi ba hae ba re ho yena: “Na ha ho na morwetsana hara barwetsana ba bang ka wena, kapa hara setjhaba sohle sa heso, hoo o ka ratang ho nyala mosadi hara Bafilesita baa ba maqai?” Samosone a re ho ntatae: “Nqelle yena, hobane ke mo rata haholo.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 14:3
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Abrame o re ho Lota: Oho! qabang e se ke ya eba teng mahareng a ka le wena, kapa mahareng a badisa ba ka le badisa ba hao, hobane re bana ba motho a le mong.


Yaba Abrahama o nka dinku le dikgomo, a di nea Abimeleke, mme ba hlaba selekane ba babedi.


ba re ho bona: Re ka sitwa ho etsa taba ena, ra nea motho ya sa bollang kgaitsedi ya rona; e ka ba sekgobo ho rona.


Le se ke la e bolela Gathe, le se ke la e tumisa mapatlelong a Ashkelone, esere barwetsana ba Bafilesta ba thaba, le barwetsana ba maqai ba nyakalla!


Ha le ka kweneha, la kgomarela ditjhaba tsena tse setseng, tse siilweng hara lona, la nyallana le tsona, la kena ho tsona, mme tsa tla ho lona,


A kgutla, a tsebisa ntatae le mmae, a re: Ke bone mosadi Thimna hara baradi ba Bafilesta; nnkeleng yena jwale, e be mosadi wa ka.


A nyorwa haholo, mme a howeletsa ho Jehova, a re: Ha o etseditse mohlanka wa hao thuso e kalo, ho tla ba jwang leha nka shwa jwale ke lenyora, ka wela matsohong a maqai?


Jonathane a re ho mohlankana ya jereng dibetsa tsa hae: A re ye, re tshelele ho ya qhobosheaneng ya maqai ano; mohlomong Jehova a ka re thusa; hobane ha ho kamoo Jehova a ka sitwang kateng, ho pholosa ka ba bangata, leha e le ka ba seng bakae.


Davida a re ho banna bao a emeng le bona: Ho tla etsetswang monna ya ka bolayang Mofilesta eo, ya tlosang nyediso Iseraeleng na? Mofilesta eo wa leqai ke motho ya jwang, ha a nyedisa makgotla a Modimo o utlwang?


Tau le yona bere, mohlanka wa hao o di bolaile; mme Mofilesta eo wa leqai o se a ya ba jwaloka tsona, hobane o nyedisitse makgotla a Modimo o utlwang.


Ebile Saule o re ho lehlahana la hae: Pshemola sabole ya hao, o mpolaye ka yona, esere mohlomong maqai ao a tla, a mpolaye, mme a ntshoma. Empa lehlahana la hae la hana, hobane le ne le tshohile haholo. Ebile Saule o nka sabole ya hae, a itihela hodima yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ