Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 14:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Empa mosadi a nna a lla pela hae ka matsatsi a supileng a mokete wa bona, jwale ka la bosupa a mo hlalosetsa selotho, ka ho kgathatswa ke yena; mme eo a hlalosetsa bana ba setjhaba sa habo selotho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 A mo llela ka matsatsi a supileng a mokete, mme ka letsatsi la bosupa a mmolella tlhaloso ya sona, hobane mosadi o ne a sa mo fe tshweya. Mosadi eo a ya bolella ba habo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 14:17
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mosadi eitse ha a bona hobane sefate se monate ho jewa, mme se kgahlisa mahlo, mme se lakatseha ke ho hlalefisa, a nka ditholwana tsa sona, a di ja, mme a nea monna wa hae ya neng a na le yena, mme le yena a ja.


Mosadi wa hae a re ho yena: Na o sa tiiseditse tokeng ya hao na? Rohaka Modimo, mme o shwe!


A mo menamena ka dipuo tse ngata tse monate, a mo hlola ka molomo o qekisang.


Ba kobile maleme a bona jwaloka seqha, ho betsa leshano; hase ka bokgabane ba natlafalang lefatsheng, hobane ereha ba etswa bobeng bo bong, ba ye ba tlolele bobeng bo bong; mme ha ba ntsebe, ho bolela Jehova.


Se tshepeng molekane, se ithetseng ka motswalle; lebela menyako ya molomo wa hao pela ya robetseng sefubeng sa hao;


ke re ho lona: Leha a ne a ke ke a tsoha ho mo fa kahobane ke motswalle wa hae, o tla tsoha, a mo fe hohle hoo a ho hlokang ka baka la phehello ya hae.


Mosadi wa Samsone a nna a lla pela hae, a re: O fela o ntlhoile, ha o nthate hle; o beetse bana ba setjhaba sa heso selotho, mme ha o a ka wa ntlhalosetsa sona. A re ho yena: Bona, ha esita ntate le mme ke sa ka ka ba hlalosetsa sona, nka o hlalosetsa sona ka mokgwa o jwang na?


Ka la bosupa, letsatsi le eso ho dikele, banna ba mmotsa, ba re ho yena: Se fetisang dinotshi ka ho hlaboseha e ka ba eng, mme se fetisang tau ka matla keng? A re ho bona: Hola le sa ka la lema ka sethole sa ka, le ka be le sa ka la nepa selotho sa ka.


Yaba Delila o re ho Samsone: Bona, o boetse o ntshomile la bobedi, mme o mpoleletse leshano. Mpolelle hle se ka o tlamang. A re ho yena: Ke ha o ka loha thapo tse supileng tsa moriri wa hlooho ya ka hammoho le kgole e lohang. Yaba o di tiisa ka sethakgisa,


Yare ha a ntse a mo tshwenya ka dipolelo tsa hae ka matsatsi wohle, a ntse a mo hlodiya, pelo ya Samsone ya kgathala le ho isa lefung.


Yaba Delila o re ho Samsone: Ako ntsebise hore na matla a hao a maholo a tswa kae, le kamoo o ka tlangwang kateng, hore o tle o kokobetswe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ