Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 14:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Eitse ka la bosupa, ba re ho mosadi wa Samsone: Qeka monna wa hao, hore a re hlalosetse selotho; ha ho se jwalo, re tla o tjhesa, wena le ntlo ya ntatao. Hleka le re bileditse kwano hore le re tlatlape tsa rona, kapa ha ho jwalo na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Ka letsatsi la bosupa ba re ho mosadi wa Samosone: “Qeka monna wa hao hore a re hlalosetse selotho sena, esere ra o tjheseletsa ka tlung ya ntatao. Na le re memetse ho tla re futsanehisa? Ha ho jwalo?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 14:15
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha ba re: Tloo le rona, re yo lalla ho tsholla madi, re tjhehe ba se nang molato, re ba bolaye feela;


Hobane molomo wa mosadi wa seotswa o rothisa dinotshi, lehano la hae le boreledi jwaloka mafura.


Hobane mosadi wa seotswa o fumanehisa motho, a be a sallwe ke sengwathwana sa bohobe feela, mme letekatsi le tsoma ho phela ha motho ya qenehelwang.


Se tshepeng molekane, se ithetseng ka motswalle; lebela menyako ya molomo wa hao pela ya robetseng sefubeng sa hao;


Yaba banna ba Efraime ba phutheha, ba fetela nqa leboya, ba tla, ba re ho Jafeta: Mohla o neng o futuhela bana ba Ammone, ha o a ka wa re bitsa keng, hore re ye le wena? Jwale, re tla o tjheselletsa tlung ya hao.


A re ho bona: Sejo se tswile ho moji, mme se hlabosehang se tswile ho ya matla. Mme ka matsatsi a mararo, ba sitwa ho hlalosa selotho.


Yaba Bafilesta ba botsa, ba re: Hoo ho entswe ke mang na? Ha thwe: Ke Samsone, mokgwenyana wa monna wa Thimna, hobane o mo amohile mosadi wa hae, a mo nea moetsana wa hae. Yaba Bafilesta ba nyoloha, ba tjhese mosadi eo le ntatae.


Marena a Bafilesta a nyolohela ho yena, a re ho yena: Mo qeke, o be o tsebe hore na matla a hae a maholo a tswa kae, le kamoo re ka tsebang ho mo hlola kateng, re tle re mo tlame, re mo kokobetse; e mong le e mong wa rona re tla o nea dishekele tsa silefera tse sekete se nang le lekgolo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ