Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 14:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Samsone a re ho bona: A nke ke le beele selotho; ha le ka ntlhalosetsa sona hantle matsatsing a supileng a mokete, la se nepa, ke tla le nea diaparo tse mashome a mararo le dikobo tse mashome a mararo tsa mokete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Samosone a re ho bona: “Ke a le lotha. Ha le ka la ntlhalosetsa selotho sena matsatsi a supileng a mokete a eso fete, mme la se nepa, ke tla le nea dihempe tse mashome a mararo tse entsweng ka lesela la lene, le diaparo tse mashome a mararo tsa mokgabo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 14:12
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A ba nea bohle dikobo, e mong le e mong, tseo ba di aparang tsa mokete, empa a nea Benjamine ditjhelete tse makgolo a mararo, le dikobo tse hlano tsa ho apara ka mokete.


Mofumahadi wa Sheba a re a sa utlwa botumo ba Salomone bo hlahileng ka lebitso la Jehova, a tla ho mo leka ka dilotho.


A re: Ho dutswe hantle. Monga ka o nthomile, a re: Bona, bahlankana ba babedi ba thaba ya Efraime, ba bara ba baporofeta, ba tswa fihla ho nna hona jwale; ako ba nee talenta e nngwe ya silefera le diaparo tse pedi tsa mokete.


Morena wa Siria a re: Tloha, o tsamaye, ke o rome ka lengolo ho morena wa Iseraele. Yaba o tloha, a nkile ditalenta tse leshome tsa silefera, le ditjhelete tse dikete tse tsheletseng tsa kgauta, le diaparo tse leshome tsa mokete.


Mohlang oo, Salomone a etsa mokete ka matsatsi a supileng, a ena le Baiseraele bohle, ba tlile ba le bangata, ho tloha pela Hamathe, ho tlisa molapong wa Egepeta.


Ke sekehela polelo tsa hlalefo ditsebe tsa ka, ke lotha selotho sa ka, ke ntse ke letsa harepa.


hore a utlwisise maele le dipuo tse tebileng, le ditaba tsa ba bohlale, le thuto tsa bona tse patilweng.


O etsa masela a lene, o rekisa ka wona, le dinyepa o rekisa ka tsona ho mohwebi.


Mora motho, lotha ntlo ya Iseraele, o e tshwantshetse,


Yaba ke re: Jo! Morena Jehova! Ba mpolella ka ho re: Eo o ntsa bua ka dipapiso!


Ke ka baka leo ke buang le bona ka ditshwantsho, kahobane leha ba bona, ha ba bone; leha ba utlwa, ha ba utlwe, mme ha ba utlwisise.


Ditaba tseo tsohle Jesu a di bolella bongata ka ditshwantsho, mme o ne a sa bue letho le bona a sa tshwantshe;


Ba mo hlobodisa, ba ntoo mo apesa kobo e kgubedu.


Le se ke la ipokellela matlotlo lefatsheng, moo tshwele le mafome a jang teng, le moo mashodu a fatang teng, a utswang.


Ha a lemoha kamoo ba bileditsweng dijong ba ikgethelang ditulo tse kapele kateng, a ba bolella setshwantsho, a re:


Barutuwa ba hae ba re ho yena: Bona, jwale o bua phatlalatsa; ha o sa bolela dipapiso.


Efela jwale, re bona ka seipone, ka lerotho; mohlang oo, re tla senola, difahleho di tadimane; jwale, ke tseba ka nqa e le nngwe feela; mohlang oo, ke tla tseba jwalokaha ke tsebilwe le nna.


Menono ya lona e bodile, ditshwele di jele dikobo tsa lona.


Ha ba mmona, ba mo kgethela baetsana ba mashome a mararo, ba eba le yena.


Empa ha le sitwa ho ntlhalosetsa sona, ke lona le tla nnea diaparo tse mashome a mararo tsa mokete. Ba re ho yena: Re bolelle selotho sa hao, re se utlwe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ