Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 13:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Yaba mosadi o ya, a bolella monna wa hae, a re: Ho tlile ho nna monna wa Modimo, sebopeho sa hae e ne e le se kang sebopeho sa lengeloi la Modimo ka ho tshabeha; ha ke a ka ka mmotsa moo a tswang teng, le lebitso la hae ha a ka a mpolella lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Yaba mosadi enwa o ya ho monna wa hae, o fihla a re: “Moromuwa wa Modimo o ile a fihla ho nna, mme tshobotsi ya hae e ne e tshwana le ya lengeloi la Modimo, e tshosa. Ha ke a ka ka mmotsa hore na o tswa kae, le yena ha a a ka a mpolella lebitso la hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 13:6
29 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A emisa mahlo, a tadima, mme a bona banna ba bararo, ba eme pela hae; eitse ha a ba bona, a tloha monyako wa tente ya hae, a titima, a ba kgahlanyetsa, a inamela fatshe,


Jakobo a mmotsa, a re: Ako mpolelle hle lebitso la hao. Yaba o re: Ke ka baka lang ha o mpotsa lebitso la ka? A mo hlohonolofatsa moo.


Mmae a re ho Elia: Taba ya ka ke efe le wena, monna wa Modimo? Hleka o tlile ho nna ho nkgopotsa sebe sa ka le ho bolaya mora wa ka na?


Mosadi a re ho Elia: Ke a tseba jwale hobane o monna wa Modimo, le hobane polelo ya Jehova, e molomong wa hao, ke ya nnete.


Yaba o re ho yena: Isao, ha ho le jwale, o tla aka mora. A re: Oho, monna wa Modimo, monga ka, o se ke wa thetsa lekgabunyane la hao.


A re ho monna wa hae: Bona, ke a tseba hobane enwa ya fapohelang ha rona kamehla ke monna ya halalelang wa Modimo.


Yaba lengeloi la Jehova le itlhahisa ho yena, kgabong ya mollo, kahare ho sehlahla, mme ha a tadima, a bona sehlahla se tuka ke mollo, empa se sa tjhe.


Yaba o re: Ke nna Modimo wa ntatao, Modimo wa Abrahama, Modimo wa Isaaka, Modimo wa Jakobo. Yaba Moshe o ipata sefahleho, kahobane o tshaba ho tadima Modimo.


A re ho nna: Daniele, monna ya ratwang, mamela ditaba tseo ke o bolellang tsona, o nne o eme maotong a hao; hobane jwale ke romilwe ho wena. Eitse hobane a bue jwalo le nna, ka ema ke ntse ke thothomela.


Ka emisa mahlo, ka tadima, mme bonang, monna o ne a le teng moo, ya apereng lene, ya itlamileng letheka ka senyepa sa kgauta ya Ufase.


Yaba o atamela moo ke emeng teng; ha a etla, ka tlakasela, ka wa ka sefahleho, a mpa a re ho nna: Ela hloko, ngwana motho, pono eo e tla phetheha mehleng ya qetello.


Lengeloi la araba, la re ho yena: Nna ke Gabriele, ya emang pela Modimo; ke romilwe ho bua le wena, le ho o bolella ditaba tsena tse monate.


A re a sa ntse a rapela, ponahalo ya sefahleho sa hae ya fetoha, mme diaparo tsa hae tsa sweufala, tsa kganya.


Mme bohle ba dutseng kgotla ha ba mo hlaba ka mahlo, ba bona sefahleho sa hae se le jwaloka sefahleho sa lengeloi.


Ke yona hlohonolofatso Moshe eo monna wa Modimo, a hlohonolofaditseng bana ba Israele ka yona, a eso ho shwe.


Haele wena he, monna wa Modimo, sesefa ntho tseo, mme o mathele ho loka, le borapedi, le tumelo, le lerato, le mamello, le mosa.


Ebile bana ba Juda ba tla ho Joshua Gilgale; Kalebe, mora Jefunne, Mokenise, a re ho yena: O tseba taba eo Jehova a neng a e bolelle Moshe, monna wa Modimo, bakeng sa ka le sa hao, ha re le Kadeshe-Barnea.


Eitse ha ke mmona, ka wela maotong a hae, yaka ke shwele. A bea letsoho la hae le letona hodima ka, a re ho nna: Se tshabe; ke nna wa pele le wa morao, mme ke a phela.


Mosadi a phakisa a matha, a tsebisa monna wa hae, a re ho yena: Bona, monna ya tlileng ho nna maoba, o boetse o itlhahisitse ho nna.


Manowa a ba a re ho mosadi wa hae: Re tla shwela ruri, hobane re bone Modimo.


Lengeloi la Jehova la hlahela mosadi eo, la re ho yena: Bona, o nyopa, mme ha o tswale bana; empa o tla emara, o tswale moshanyana.


O itse ho nna: Bona, o tla emara, o tswale moshanyana; mme jwale, o se ke wa nwa veine, leha e le seno se bodila, mme o se ke wa ja letho le ditshila, hobane ngwana e tla ba monasari wa Modimo, a sa le popelong ya mmae, a be a shwe.


Yaba Manowa o rapela Jehova, a re: Oho Monghadi, monna wa Modimo, ya romilweng ke wena, a ke a boele a tle ho rona, mme a re rute kamoo re tshwanetseng ho etsetsa ngwana ya tla hlaha kateng.


Yaba lengeloi la Jehova le tla, la dula tlasa sefate sa terebinthe se Ofra, e leng sa Joase, Moabiesere, mme Gideone, mora hae, o ne a pola koro sehatelong, hore a tle a e patele Bamidiane.


Yaba monna e mong wa Modimo o tla ho Eli, a re ho yena: Jehova o re: Ha ke re, nkile ka itshenolela ba ntlo ya ntatao, ha ba sa le Egepeta, ha Faro;


Eo a mpa a re ho Saule: Bona hle, monna wa Modimo o teng motseng wane; ke monna ya hlomphuwang; tsohle tseo a di buang di ye di etsahale; a re ye teng jwale; ekaba o tla re bolella tsela ya rona eo re ka tsamayang ka yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ