Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 13:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Manowa a re: Etlare hobane seo o se boletseng se etsahale, molao o tlang ho busa ngwana e tla ba ofe, mosebetsi wa hae e tla ba ofe na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Manowa a re: “Ha mantswe a hao a se a phethahetse, moshanyana eo o tla hodiswa jwang? O tla etsa eng?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 13:12
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tswe ke mo tseba hoba, o tla laela bana ba hae, le ntlo ya hae kamora hae, hore ba boloke tsela ya Jehova, ba etse ka ho loka le ka tshwanelo, Jehova a be a hlahisetse Abrahama seo a mmaletseng sona.


O nkutlwise lentswe la mohau wa hao e sa le kameso, hobane ke itshepetse wena. O ntshupise tsela eo ke tshwanetseng ho ya ka yona, hobane ke nyolosetsa moya wa ka ho wena.


Ruta mohlankana tsela eo a tshwanetseng ho e tsamaya; le mohla a tsofalang, a ke ke a e kgeloha.


ntate o ne a nthuta, a re ho nna: Pelo ya hao e boloke dipolelo tsa ka hantle, o lotolotse dikeletso tsa me, mme o tla phela.


Mme lona bontata bana, le se ke la halefisa bana ba lona; le mpe le ba hodise ka ho ba laya le ka ho ba rutela Moreneng.


Manowa a tloha, a sala mosadi wa hae morao, a fihla ho monna wa Modimo, a re ho yena: Na ke wena monna ya kileng a bua le mosadi enwa na? A araba, a re: Ke nna enwa.


Lengeloi la Jehova la re ho Manowa: Mosadi a ke a itshabise tsohle tseo ke di boletseng;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ