Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 12:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ebe ba re ho yena: Bolela Shibbolethe hle; ebe o re: Sibbolethe; kahobane a sa tsebe ho bitsa lentswe leo hantle; ebe ba a mo tshwara, ba mmolaya madibohong a Jordane. Mohlang oo, ha bolawa Baefraime ba dikete tse mashome a mane a metso e mmedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 ebe ba re ho yena: “Ere Shibolethe;” ebe o re “Sibolethe,” hobane a ne a sitwa ho le bitsa hantle. Jwale ebe ba a mo tshwara, mme ba mmolaele ledibohong la Jorodane. Ka yona nako eo ha bolawa ba morabe wa Efraime ba dikete tse mashome a mane a metso e mmedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 12:6
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ke se ke ka imelwa ke maqhubu a wona, ke se ke ka hohlometswa ke bodiba, lebitla le se ke la kopetsa molomo wa lona hodima ka.


Ke tetebetse mokoting wa diretse, seretse se nyebella tlasa maoto a ka; ke tetebetse metsing a bodiba; maqhubu a wona a nkimela.


Ho qala phapang ke ho phunya metsi; ka baka leo, kgang ha e eso ho hotele, o e tlohele.


Ngwanabo motho, ha a hlabehile, o thata ho feta motse o qhobosheane; diphapang tsa bona di ba jwaloka mekwallo e kwallang matlo a borena.


Mantswe a tswang molomong wa ya bohlale a kgahlisa kahohle, empa melomo ea lewatla e a le timetsa.


Empa mehleng eo, Jehova o tla hlohlora ditholwana ho qala ka noka ya Eufrate ho isa molapong wa Egepeta; mme, lona, bana ba Iseraele, le tla tholwa e mong le e mong wa lona.


Athe Jesu a tseba mehopolo ya bona, mme a re ho bona: Mmuso o mong le o mong o kgaohaneng ho itwantsha o tla fetoha lesupi; le motse o mong le o mong, leha e le ntlo e kgaohaneng ho itwantsha, e ke ke ya tiya.


Ho se hokaenyana, ba emeng moo ba atamela, ba re ho Petrose: Le wena, o wa bona ruri; hobane puo ya hao e a o bonahatsa.


Yena a mpa a boela a latola. Ho se hokaenyana, ba emeng moo ba re ho Petrose: O wa bona ruri, hobane le wena o Mogalelea, le puo ya hao eka ya teng.


Empa ekare ha le lomana, mme le jana, iponeleng esebe la fedisana.


Bagileade ba raka Baefraime, ba tshwara madiboho a Jordane: mme enere ha e mong wa Baefraime ba balehang a re: Ntloheleng ke tshele, banna ba Gileade ba ne ba re: Na o Moefraime na? Eo o ne a re: Tjhe!


Jafeta a ahlolela Iseraele ka dilemo tse tsheletseng. Yaba Jafeta Mogileade o a shwa, a patwa motseng o mong wa Gileade.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ