Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 12:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Bagileade ba raka Baefraime, ba tshwara madiboho a Jordane: mme enere ha e mong wa Baefraime ba balehang a re: Ntloheleng ke tshele, banna ba Gileade ba ne ba re: Na o Moefraime na? Eo o ne a re: Tjhe!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Bagileade ba hapa madiboho a Jorodane ho thibela ba morabe wa Efraime, mme e ne e ye ere ha e mong wa ba morabe wa Efraime, ba phonyohileng, a re: “Ntumelleng ke tshele,” ebe banna ba Gileade ba re ho yena: “Na o wa morabe wa Efraime?” Ha a re: “Tjhe,”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 12:5
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jeroboame, mora Nebathe, Moefrata wa Tsereda, mohlanka wa Salomone, le yena a kwenehela morena. Mmae e ne e le Tserua, mosadi wa mohlolohadi.


Banna ba motse ba ba phallela ka tsela ya Jordane, ho ya fihla madibohong; mme ha kwalwa monyako wa motse, ha ba ba phalletseng ba tswile.


Empa bana ba Iseraele ba utlwa ho thwe: Bonang, bana ba Rubene, le bana ba ba Gade, le ba mothapo o mong wa leloko la Manasse ba hahile aletare e pontsheng ho naha ya Kanana, lebopong la Jordane, ka nqa ka ha bana ba Iseraele.


Yaba Jafeta o bokella banna bohle ba Gileade, a lwantsha Efraime; banna ba Gileade ba hlola Baefraime, kahobane ba ne ba itse: Lona Bagileade, le bathobi ba Efraime, le dutse hara Efraime le Manasse.


Ebe ba re ho yena: Bolela Shibbolethe hle; ebe o re: Sibbolethe; kahobane a sa tsebe ho bitsa lentswe leo hantle; ebe ba a mo tshwara, ba mmolaya madibohong a Jordane. Mohlang oo, ha bolawa Baefraime ba dikete tse mashome a mane a metso e mmedi.


Ho ne ho na le mohlankana wa Bethlehema-Juda, wa leloko la Juda, e le Molevi, a aheletse hona teng.


A re ho bona: Ntateleng, etswe Jehova a neetse Bamoabe, dira tsa lona, matsohong a lona. Ba theoha, ba mo sala morao, mme ba tshwara madiboho a Jordane mabapa le Moabe, ba se ke ba dumella motho ho tshela.


Gideone a romela manqosa le ho bohle ba thabeng ya Efraime, a re: Theohang ho ya lwantsha Bamidiane, le tshware madiboho pele, ho ya fihla Bethe-Bara, e le madiboho a Jordane. Kahoo, banna bohle ba Iseraele ba phutheha, mme ba tshwara madiboho, ho ya fihla Bethe-Bara, e le madiboho a Jordane.


Monna e mong o ne a le teng wa Ramathaime-Tsofime, wa thaba ya Efraime, lebitso la hae e le Elkana, mora Jerohame, mora Elihu, mora Thohu, mora Tsufe, Moefrathe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ