Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 12:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yaba banna ba Efraime ba phutheha, ba fetela nqa leboya, ba tla, ba re ho Jafeta: Mohla o neng o futuhela bana ba Ammone, ha o a ka wa re bitsa keng, hore re ye le wena? Jwale, re tla o tjheselletsa tlung ya hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Banna ba Efraime ba kopana hammoho, ba tshelela Safone, ba re ho Jafeta: “Ke hobaneng o ileng wa futuhela Baamone, mme wa se ke wa re mema ho ya le wena? Re tla o tjheseletsa ka tlung ya hao.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 12:1
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bakeng sa lerato la ka ba ipeile dira ho nna; empa nna, ha ke phetse ho rapela.


Ke bone hobane mokgathala wohle le mesebetsi yohle e metle ya batho e ntse e hlahisa mona le mohono. Hoo le hona ke lefeela, ke mosebetsi o nyopileng.


Enereha ho bua Efraime, letsoso le ne le le teng; o ne a iphahamisitse Iseraeleng, empa a ipea molato ka Baale, a ba a timela.


Mmuso ha o kgaohane ho itwantsha, mmuso oo o ke ke wa tiya;


Jesu a ba araba, a re: Ke le bontshitse mesebetsi e mengata e metle, e tswang ho Ntate; ke tlepeletswa ofe ho yona na?


Hobane moo mona le kgang di leng teng, ke moo ho leng moferefere le mesebetsi yohle e mebe.


Hoo ye eba mokgwa Iseraeleng: Ka dilemo tsohle, barwetsana ba Iseraele ba ya ka matsatsi a mane selemong se seng le se seng ho bina dithoko tsa moradi wa Jafeta Mogileade.


Jafeta a re ho bona: Nna le setjhaba sa heso, re kile ra ba le kgang e kgolo le bana ba Ammone; nkile ka le bitsa, empa ha le a ka la nnamolela matsohong a bona.


Eitse ka la bosupa, ba re ho mosadi wa Samsone: Qeka monna wa hao, hore a re hlalosetse selotho; ha ho se jwalo, re tla o tjhesa, wena le ntlo ya ntatao. Hleka le re bileditse kwano hore le re tlatlape tsa rona, kapa ha ho jwalo na?


Yaba Bafilesta ba botsa, ba re: Hoo ho entswe ke mang na? Ha thwe: Ke Samsone, mokgwenyana wa monna wa Thimna, hobane o mo amohile mosadi wa hae, a mo nea moetsana wa hae. Yaba Bafilesta ba nyoloha, ba tjhese mosadi eo le ntatae.


Yaba banna ba Efraime ba re ho Gideone: O re etseditseng jwalo, ha o sa ka wa re mema, mohla o futuhelang Bamidiane? Mme ba mo tsekisa haholo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ