6 Ba re ho Jafeta: Tloo, o be hlooho ya rona, re tle re lwantshe bana ba Ammone.
6 Ba re ho yena: “Tloo, o tlo ba molaodi wa rona, e le hore re tle re lwantshe Baamone.”
Motho o tla tshwara ngwanabo ka tlung ya ntatae, a re ho yena: O na le kobo, tloo, o be morena wa rona, tshenyeho ena e bonwe ke wena.
Bana ba Ammone ba phutheha, ba tla, ba emisa Gileade; le bona bana ba Iseraele ba phutheha, ba ya, ba emisa Mitspe.
Bana ba Ammone ba re ba sa futuhetse Baiseraele, baholo ba Gileade ba ya lata Jafeta naheng ya Tobe.
Jafeta a re ho baholo ba Gileade: Na hase lona le ntlhoileng na, le bile le ntelekile tlung ya ntate? Le tletseng ho nna jwale, ha le le tsietsing?