Baahlodi 11:39 - Sesotho 1909/1961 (SO)39 Eitse hobane kgwedi tse pedi di fele, a kgutlela ho ntatae, mme eo a mo etsa ka kano ya hae, a sa ka a tseba monna. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE39 Kamora dikgwedi tse pedi a kgutlela ho ntatae, mme ka yena ntatae a phetha kano eo a e etseditseng Morena, moradi wa hae a shwa e ntse e le morwetsana. Hona ya eba moetlo wa Baiseraele, အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ya hlabang kgomo, ho nna ho jwaloka ya bolayang motho; ya etsang sehlabelo ka nku, o jwaloka ya fenethileng ntja; ya hlahisang setjheso, o jwaloka ya hlahisang madi a kolobe; ya tjhesang dibano, o jwaloka ya bokang medimo ya bohata. Erekaha ba ikgethetse ditsela tsa bona, mme meya ya bona e ithatetse manyala a bona,
A itlama ka kano, a re: Jehova wa makgotla, ha o ka tadimisisa bohloko ba lekgabunyane la hao, leha o ka nkgopola, o sa lebale lekgabunyane la hao, leha o ka fa lekgabunyane la hao ngwana e motona, ke tla mo neela Jehova ka ditshiu tsohle tsa ho phela ha hae, mme lehare ha le ka ke la mmeola hlooho.