Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 11:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Yaba moya wa Jehova o tlela Jafeta, a ba a haola ka Gileade le Manasse, a feta le Mitspe wa Gileade; ha a tloha Mitspe wa Gileade, a fetela ho bana ba Ammone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

29 Jwale Moya wa Morena wa aparela Jafeta. A feta hara naha ya Gileade le Manase, a fihla Misepa e Gileade. Ho tloha Misepa e Gileade a fetela ho Baamone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 11:29
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

leha e le Mitspe (nqalo ya ho lebela), kahobane a re: Jehova a lebele pakeng tsa ka le wena ha re se re sa bonane,


Yaba moya o tshwara Amasai, molaodi wa dinatla, a re: Re ba hao, Davida; re a o emela, mora Jese! Kgotso, kgotso e be le wena, kgotso e be ho ba o tlatsang, etswe Modimo wa hao o o thusa! Yaba Davida o a ba amohela, a ba bea balaodi ba makgotla.


Jehova a theoha lerung, a bua le yena, a nka moyeng o leng hodima Moshe, a o bea hodima baholo ba mashome a supileng. Eitse hobane moya o dule hodima bona, hang ba hla ba porofeta; empa ba se ke ba hlola ba pheta.


Bana ba Ammone ba phutheha, ba tla, ba emisa Gileade; le bona bana ba Iseraele ba phutheha, ba ya, ba emisa Mitspe.


Kahoo, Jafeta a tsamaya le baholo ba Gileade, mme setjhaba sa mmea morena le hlooho ya sona. Mme Jafeta a pheta mantswe a hae kaofela pela Jehova, Mitspe.


Empa morena wa bana ba Ammone a hana ho mamela mantswe ao Jafeta a mo rometseng wona.


Jafeta a itlama ho Jehova ka kano, a re: Ekare ha o ka neela bana ba Ammone matsohong a ka,


Moya wa Jehova wa qala ho mo sisinya, a le Mahane-Dane, mahareng a Tsorea le Eshthaole.


Moya wa Jehova wa eba ho yena; a ahlolela Iseraele, a lwana; mme Jehova a neela Kushane-Risheathaime, morena wa Mesopotamia, matsohong a hae. Letsoho la hae la hlola Kushane-Risheathaime.


Gideone a apeswa moya wa Jehova, a ba a letsa terompeta, mme Baabiesere ba memelwa ho yena ka mokgosi.


Eitse ha a fihla Gibea, a bona sehlopha sa baporofeta se mo kgahlanyetsa; yaba moya wa Modimo o a mo tshwara, a porofeta hara bona.


Yaba moya wa Modimo o tshwara Saule, ha a utlwa taba tseo, a halefa haholo;


Yaba Jehova o roma Jerubbaale, le Bedane, le Jafeta, le Samuele, a le namolela matsohong a dira tsa lona kahohle, la ba la aha ka kgotso.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ