Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 11:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Haesale Baiseraele ba ahile Heshbone le metseng ya teng, le Aroere le metseng ya teng, le metseng yohle e mabopong a Arnone, e leng ka dilemo tse makgolo a mararo, le sitilwe keng ho e lata ka motsotso o kalo?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

26 Ke dilemo tse makgolo a mararo Baiseraele ba ahile Heshebone le metsaneng ya yona, le Arowere le metsaneng ya yona, le metseng yohle e lebopong la Arenone. Ke hobaneng le sa kang la re amoha yona ka nako ee kaofela?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 11:26
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ema tseleng, o lebele, moahi wa Aroere; botsa ya balehang le ya phonyohang, o re: Ho hlahileng?


Eitse hobane o fedise ditjhaba tse supileng lefatsheng la Kanana, wa ba abela naha eo ka dilemo tse batlileng ho ba makgolo a mane a nang le mashome a mahlano.


Tlohang, le tsamaye, mme le tshele nokana ya Arnone. Bona, ke neetse Sihone, morena wa Heshbone, le Maomore, le naha ya hae, matsohong a hao. Qala ho hapa naha eo, mme o mo lwantshe.


Ho qala ka Aroere, e lebopong la nokana ya Arnone, le motse o leng pela nokana, ho isa Gileade, ha ho a ka ha eba motse o re sitang. Jehova, Modimo wa rona, a re neela yona kaofela.


Jehova a re ho nna: Se mo tshabe, hobane ke mo neetse matsohong a hao, yena le setjhaba sa hae kaofela, le naha ya hae, o tle o etse ka yena kamoo o entseng kateng ka Sihone, morena wa Baamore, ya neng a ahile Heshbone.


Ra e neela anathema, jwalokaha re ne re entse ka Sihone, morena wa Heshbone; ra neela metse yohle hammoho le banna le basadi le bana anathema.


Joshua a lwana le marena ao wohle ka tshiu tse ngata.


Ke Sihone, morena wa Baamore, ya neng a ahile Heshbone; o ne a busa naha ho tloha Aroere, o lebopong la noka ya Arnone, mahareng a sekgutlo, le sekoto se seng sa Gileade, ho isa molapong wa Jabboke, e leng moedi wa bana ba Ammone.


o ne a busa thaba ya Hermone, le Salka, le Bashane kaofela, ho isa naheng ya Bageshure, le Bamaakathe, le sekoto se seng sa Gileade, moedi wa Sihone, morena wa Heshbone.


le metse yohle ya Sihone, morena wa Baamore, ya neng a busa Heshbone, ho isa moeding wa bana ba Ammone,


Moedi wa bona o ne o tloha Aroere, o lebopong la noka ya Arnone le motseng o hara sekgutlo sa yona, le sehlabeng sohle se pela Medeba;


ke Heshbone le metse yohle ya teng e ka sehlabeng; Dibone le Bamothe-Baale, le Bethe-Baale-Meone


Jehova, ha e se e le kgale a kgatholotse Baiseraele direng tsa bona tse ba teetseng hare, Joshua le yena a se a tsofetse, a hodile,


Ka selemo seo ba tshwenya, ba hatakela bana ba Iseraele hampe; hape ba tshwenya bana ba Iseraele bohle ba leng mose wane wa Jordane, naheng ya Baamore, e leng Gileade, ka dilemo tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi.


Mme lefatshe la phomola ka dilemo tse mashome a mane; mme Othniele, mora Kenase, a timela.


Tsatsing leo Bamoabe ba kokobetswa ke Baiseraele, mme lefatshe la phomola ka dilemo tse mashome a robileng meno e le mmedi.


Oho Jehova! dira tsohle tsa hao ha di ke di timele jwalo! Haele ba o ratang, ba tla tshwana le letsatsi ha le tjhaba matleng a lona. Yaba lefatshe le phomola ka dilemo tse mashome a mane.


Bamidiane ba kokobetswa jwalo pela bana ba Iseraele; mme ha ba ka ba hlola ba emisa dihlooho tsa bona. Mme lefatshe la phomola ka dilemo tse mashome a mane mehleng ya Gideone.


Abimeleke a busa Baiseraele ka lemo tse tharo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ