14 Jafeta a boela a romela morena wa bana ba Ammone manqosa,
14 Jafeta a boela a roma maqosa ao ho kgosi ya Baamone,
Ke rata kgotso feela! Empa ha ke bua, ba batla ntwa.
Ha ho ka etswa, mme ha e le ka lona, le dule ka kgotso le batho bohle.
Phehellang, ho ba le kgotso le batho bohle, le kgalalelo eo ho seng motho a tlang ho bona Modimo, ha a se na yona.
a kgelohe bobe, mme a etse ho molemo, a batle kgotso, a e phehelle.
Morena wa bana ba Ammone a re ho manqosa a Jafeta: Ke kahobane Baiseraele ba nkile naha ya ka, ho tloha Arnone ho ya fihla Jabboke le Jordane, mohla ba nyolohang Egepeta; e busetse ho nna jwale ka kgotso.
a re ho yena: Ho itswe ke Jafeta: Baiseraele ha ba ka ba nka naha ya Moabe, leha e le naha ya bana ba Ammone.